THOLOANA O TSEKA LEFA LA NTAT’AE A SA NYALA ‘M’AE
Ka Moipone Makhemeng
La 21 Loetse 2023
Ngoanana oa Mosotho, ea tsoetsoeng ka ntle ho lenyalo, Tholoana Nancy Molapo (22) oa Katlehong, Maseru o hlahletse nyeoe Lekhotleng le Phahameng ho tseka lefa la ntat’ae leha a ne a sa nyalana le ‘m’ae. Baikarabelli nyeoeng ena, ke ‘Mankuebe Gloria Molapo, Matlole Molapo, Land Administrative Authority (LAA), Letona la Molao le Litaba tsa Molao oa Motheo, Letona la Tekano, Bacha le Lipapali, Motsamaisi oa Mafa Lekhotleng le Phahameng (Master of The High Court), Child Advocacy Centre Lesotho (CACL), Women and Law in Southern Africa (WILSA), Federation of Women Lawyers (FIDA) le Ramolao e Moholo oa ‘Muso.
Maobane Lekhotla la Molao oa Motheo le ile la mamela nyeoe ena ka baahloli ba bararo: Polo Banyane, Tšeliso Mokoko le Realeboha Mathaba athe Akhente ea molli ke Adv. Fusi Sehapi.
Adv. Sehapi ha a teka likhang, o re Tholoana ke morali ea mong oa mofu ntate Bereng Ignatius Molapo le ‘m’e Shoeshoe Mathibeli oa Matlapaneng, Mafeteng. O re molli o phethetse lithuto Lerotholi Polytechnic empa ha a sebetse ‘me o hloka ho iphelisa ka lefa la ntat’ae.
Molli o qholotsa Molao oa Lerotholi o abelang bana ba batona feela bojalefa. O re molao ona ke oa bohatelli le bokoala kaha o hohlana le molao oa motheo oa naha ena. Tholoana o qosa ‘Mankuebe Gloria Molapo ka le reng o nkile taolo ea thepa ea mofu ntat’ae moo a bileng a bokellang rente ea ntlo ea ntat’ae khoeli le khoeli. Moikarabelli oa bobeli, Matlole Molapo ke rangoan’ae ea fuoeng lefa la mofu ntat’ae ho ea ka molao oa Lerotholi.
Har’a lithapeli, Tholoana o batla hore lekhotla le lahlele matjoing temana ea 11 (1) ea molao oa Lerotholi e reng: ‘Mojalefa e tla ba ngoana oa pele e motona oa mosali ea nyetsoeng pele, ‘me haeba ho se ngoana e motona tlung ea pele, ngoana e motona ea tsoetsoeng pele ke mosali ea nyetsoeng a hlahlama eo e tla ba eena mojalefa.’
“Ke lakatsa hore lekhotla le hlakole temana ena ea 11 (1) ea molao oa Lerotholi e balelloa le temana ea 19 ea Molao oa Boiketlo le Tšireletso ea Bana oa 2011 (Children’s Protection and Welfare Act, 2011) kaha litemana tseo li na le khethollo.” Ke Tholoana eo.
Temana ea 19 e baleha tjena re e qotsitse ho Molao oa Boiketlo le Tšireletso ea b
Bana, 2011: “Ngoana o na le tokelo thepeng ea batsoali ba hae empa moo ngoana a hlahileng ka thoko ho lenyalo, ngoana ea joalo o na le tokelo thepeng ea ‘m’ae oa mali ho sa tsotellehe boemo ba ‘m’ae ba lenyalo.”
O tsoela-pele ka khang ea hae Tholoana, “Litemana tsena ha li molemong oa bana ba joalo kaha li fosahetse ebile li hohlana le molao oa motheo kaha li khetholla banana/basali ekasitana le bana ba hlahileng ka thoko ho lenyalo ho ja lefa.”
O re o batla hore temana ea 11 (1) ea molao oa Lerotholi e lahleloe matjoing ‘me sebakeng sa eona ho behoe temana ea 19 ea Molao oa Boiketlo le Tšireletso ea Bana hape ho ipapisitsoe le litemana tsa molao oa motheo tsa 18 (4) (e), 25 le 26.
Ho feta mona, mokopi o re temana ea 3 ea Molao oa Boiketlo le Tšireletso ea Bana moo e hlalosang lentsoe “NGOANA” le eona e lokela ho phumuloa.
O re tlhaloso ea ngoana temaneng ena e hlalosa ngoana e le “motho ea lilemo li ka tlaase ho 18.” Tseko ea hae ke hore temana ena e hlakoloe kaha e ka thoko ho molao oa motheo, e moketa ebile e khetholla bana ba kaholimo ho lilemo tse 18. O supa hore temana ena e amoha bana ba joalo le ho ba sitisa ho ja lefa la batsoali ba bona.
Tholoana o batla hore lekhotla le phatlalatse tlhaloso ea “NGOANA” e le ngoana oa mali kapa oa phano (adopted) ho sa tsotellehe lilemo tsa hae kaha a re ngoana e tla lula e le ngoana ho batsoali ba hae.
O kopa lekhotla ho laela moikarabelli oa pele le oa bobeli ho nehelana ka thepa ea ntat’ae, e leng ntlo e likamore li hlano le setša seo ntlo e leng ho sona sa Plot Number 122921322 hammoho le lisi ea sona. O batla hape hore Setsi sa Taolo ea Mobu (LAA) se laeloe ho fetola lisi ea setša seo hore se hlahe ka mabitso a ‘melaeli.
“Mokhoa le litsela tseo ‘muso o thibelang batho ho ba le likamano ka thoko ho lenyalo le ho etsa bana ba sa nyalana le eona e na le khethollo ebile e ea makatsa. Taba ena ‘muso o tlameha ho shapella banna le basali ba etsang bana ka thoko ho lenyalo ka tsela e tšoanang hore ba jarisoe boikarabello ba ho holisa bana ‘moho ekasitana le ho bona hore bana bao ba se nang molato ho na le thepa eo ba tla e ja lefa.
“Ke ngoana ea mong feela ea hlahileng ka thoko ho lenyalo lipakeng tsa ntate mofu Bereng Ignatius Molapo le ‘m’e Shoeshoe Mathibeli. Ke hlahile ka la 1 Mphalane 2000 leha batsoali ba ka ba sa nyalana.” Ke eena a bile a toboketsa hore molao oa Lerotholi o na le khethollo e sa hlokahaleng kaha o reretsoe ho utloisa bana ba se nang molato bohloko ka boemo feela ea tlhaho ea bona eo ba sa ikhethelang eona.
O re molao ona o boela o hata litorong basali ba tsoalang bana ka ntle ho lenyalo kaha boikarabelo bo belesoa ho bona feela ho bona hore bana bao ba ba le thepa.
Ka lehlakoreng le leng, molli o re banna ba etsang bana ka thoko ho lenyalo bona molao ha o re letho ka bona hore bana ba bona ba hlahileng ka thoko ho lenyalo ba je lefa. O re khethollo ena e hanana le temana ea molao oa motheo ea 18 (3).
“Batsoali ba ka ba qalile ho lula ‘moho ka 1998. Pele ke emoloa kapa ke hlaha ke bolelloa ke ‘m’e oa ka hore ka 1999, lelapa la bo-ntate oa ka le ne le etele ha bo Matlapaneng, Mafeteng ka sepheo sa ho qela mohope oa metsi kaha ntate o ne a batla ho nyala ‘m’e oa ka. Baeti ba ne ba lokiselitsoe ba phehetsoe lijo empa lelapa la bo-‘m’e oa ka la sala le maketse kaha bao ha ba ka ba qetelletse ba fihlile.
“Ka 2000 ha ‘m’e e le mokhachane ka ‘na ba lelapa la bo-ntate ba ne ba tle ha bo-‘m’e ho phetha meetlo joaloka ho apesa ‘m’e selapa le ho mo tlotsa ka letsoku ‘me ba boela ba hlaba nku ho amohela ‘m’e le ‘na kahara lelapa la Molapo.
“Kamora hore ke hlahe ntate o ile a mpha lebitso, a nthehella ka e mong oa baholo ba hae, nkhono ‘Matholoana Molapo empa a qetella a fetotse lebitso leo ho Tholoana kaha a ile a re o ne a se a qabane le nkhono ‘Matholoana.
“Ka nako eo ke rehoang lebitso ke ile ka isoa ha bo-ntate Leribe ’me hoa hlajoa nku ho nkamohela kahara lelapa la Molapo.” Ke eena a bile a bolella lekhotla hore o qhoaelletse litokomane tsa hae tsa boitsebiso e le bopaki ba mabitso a hae.
“Ka 2004, batsoali ba ka ba ile ba arohana ‘me ka sala ke holisoa ke ntate oa ka eaba ‘m’e o khutlela habo Mafeteng. Ba ile ba arola thepa eo ba neng ba e sebelelitse ‘moho. Ke phetse le ntate oa ka a sokola a sa sebetse ho fihlela a shoa ka 2017.”
Thepa eo Tholoana a batlang ho e ja lefa o re e ne e abetsoe ntat’ae ke moholoane oa hae kaha ke thepa ea batsoali ba bona, bafu Mr Patrick Jonathan Molapo le Masetsumi Molapo.
Nyeoe e ile ea tsoela-pele ’me Adv. Sehapi o ile a teka mahamo a nyeoe lebitsong la molli. Moahloli Mathaba o ile a botsa Adv. Sehapi hore na hobaneng a re karolo ea boraro e’a khetholla. A batla le ho tseba hore na ho ea ka tlhaloso ea hae, na batho bohle ba ka lekhotleng ke bana ‘me o hlalositse hore molao oa tlhahlamano ha o re ngoana ke ea ka tlaase ho lilemo tse boletsoeng.
Ho feta mona a tšehetsa hore karolo ea boraro ea khetholla kaha karolo ea 219 ea molao oa motheo e atolosa boemo ba ngoana.
Ho sa le joalo, ‘muelli oa boiketlo le tšireletso ea bana (CACL) Adv. Taolana Sengoai o tekile kapele ho lekhotla hore ‘m’e oa molli nyeoeng ena o ne a sa nyaloa lelapeng la Molapo. A bontša hape hore ho feta moo ‘m’e oa molli o ile a nyaloa lelapeng la ha Tlebere leo molli a bontšitseng ba hlalane le hoja a sa teka bopaki ba seo.
Ka hona, o bontšitse hore molli o na le tokelo ea ho abeloa mafa a ha Tlebere kapa a ‘m’e oa hae ho latela molao.
Ho feta mona o hatelletse hore molli ke moroetsana ea seng a le lilemo li 22, kahona o se a le ka holimo ho lilemo tse mo hlalosang e le ngoana. A tekela lekhotla hore ka lebaka leo ha a na tokelo ea ho tseka.
O bontšitse hore karolo ea 19 e hlakile hore ngoana e mong le e mong o na le tokelo ea ho ja mafa a batsoali ba hae hafeela a sa tsoalloa kantle ho lelapa.
Moahloli Banyane o ile a beha potso ho Adv. Sengoai hore na ke ka tlasa motheo ofeng a reng molli ha a na tokelo ea ho tla lekhotleng ho tseka. Ha a mo fetola o hlalositse hore o tšehetsoa ke nyeoe ea Moteane le hoja moahloli Banyane a ile a mo resela ka le reng nyeoe eo e bua ka mokhoa oa ho aba mafa e seng taba e kapele ho lekhotla. Ka lebaka lena Adv. Sengoai o sitiloe ho fana ka motheo.
Nyeoe e tsoela-pele.