NTATE STUNNA O TLA THABISA BATHO, MASERU
La 20 Motšeanong 2023
Sebini sa ‘mino oa hip-hop, Ntate Stunna o tla ba har’a libini tsa lehae tse tla thabisa batho ka ‘mino khubung ea toropo ea Maseru ka la 25 Motšeanong 2023, Maseru Central Park.
Konsarete ena o hlophisitsoe ke First National Bank Lesotho (FNB Lesotho), ‘me sepheo ke ho keteka Letsatsi la Bahale le seng le tsejoa ka Letsatsi la Afrika – Africa Day.
Stunna o tla arolelana kalana le libini tse ling joaloka, Omali Themba, Botala ba Linare, DJ Allegro le ba bang ‘me batsamaisi ba konsarete e tla ba Mavele le ‘Manaleli.

Omali Themba le eena o tla hloella kalana ho thabisa sechaba
Ho tla boela ho be teng lipontšo tsa bahlahisi ba lehae ekasitana le barekisi ho hlaha likhoebong tse nyane tse 90.
Likhoebo tsena li hlaha mafapheng a latelang: Lijo, mabenyane, botle le bophelo bo botle, temo, bafani ba litšebeletso, boithabiso, lino, bonono le liphahlo.