WORLD VISION E THAKHOLA BOITOKISO LIKOLUOENG
Ka Moipone Makhemeng
La 20 Loetse 2023
Mokhatlo oa thekolohelo, World Vision Lesotho o bile le kopano maobane Victory Hall, Maseru ka kopanelo le balekane ba eona (stakeholders) ka sepheo sa ho thakhola porojeke ea ho itokisetsa ho thusetsa likoluoeng tse amang sechaba sa Basotho. Sepheo se seng e bile ho matlafatsa khokahanyo le ho tiisa boitokisetso ba likoluoa literekeng ekasitana le boikemelo khahlanong le likoluoa Lesotho.
“Kajeno re kopane ka morero oa bohlokoa, oa likoluoa o tšehelitsoeng ka lichelete ke European Union. Morero ke ho fokotsa likotsi le ho matlafatsa ka maoala a boitokisetso maemong a likoluoa Lesotho. Morero ona ke ntšetso-pele e bileng teng nakong e fetileng lefapheng la European Commission Humanitarian Aid Office (ECHO) e le morero o reretsoeng ho ntlafatsa, ho tšehetsa le ho khothaletsa taolo ea likoluoa.
“Ha re shebisiseng nalane ea morero ona ka bokhutšoane: leeto le qalile ka 2018 ‘me la atolosoa ka selemo sa 2020 le sa 2021, e le mokhahlelo oa pele oa morero oa ECHO. Ho pholletsa le mekhahlelo ena. Re fihletse batho ba fetang 41 265 le bana ba 12 265. Re ile ra matlafatsa lihlopha tsa taolo ea likoluoa tsa metse, re fana ka liphutheloana tse pholosang maphelo tsa tšohanyetso (provided life savings emergency), ‘me haufinyane tjena, re abile 1 million Euro malapeng a fetang a 3 600 a hlokang lijo.
“Morero ona o ne o shebane le libaka tsa mahaeng tsa Mokhotlong, Thaba-Tseka le Leribe.” Mookameli oa World Vision James Chifwelu o libeha joalo.
Ho sa le joalo, o bontšitse hore porojeke ena e itšetlehile holim’a lintlha tse hlano, tsona ke tšebetso e matlafalitsoeng ea temoso ea pele ea likotsi tse ngata (Multi Hazard Early Warning System -MHEWS) kapa ketso ea pele ho fokotsa phallo ea tšohanyetso le likoluoa (Early Action- EA) esita le ho matlafatsa bokhoni ba boitokiso litsing tsa lehae ka ho bokella thepa ea maemo a tšohanyetso le koetliso ea tsamaiso har’a tse ling.
“Lilemong tse peli tse tlang, taba-tabelo ea rona ke ho fihlela meoloane ena ka boiteko ba tšebelisano-‘moho le mesebetsi e kopanetsoeng. Re ikemiselitse ho tšehetsa metheo eohle ea taolo ea likoluoa le mesebetsi libakeng tseo re li sebeletsang.” Chifwelu o phethela puo ea hae.
Ho sa le joalo, ho hlaha lefapheng la likoluoa, (Disaster Management Authority – DMA), mofumahali ‘Mamonaheng Monoto o bontšitse hore porojeke ena e tlo ba thusa hore ba akofise mesebetsi ea bona e boele e ba thuse ho anetsa letsoho ho feta kamoo ba neng ba ka khona ka teng. O ile a fana ka liteboho tsa hae ho mofani e leng ECHO le World Vision Lesotho.

‘Mamonaheng Monoto, DMA
“Ka holimo ho moo, ke tla hopotsa sechaba sa Basotho hore the Disaster Management e sebetsa mosebetsi oa ho thusa moo ho nang le likoluoa e seng lietsahala tse nyane. Ke moo e leng hore ho amehile bonyane 50% ea karolo ea sechaba. Mohlala moo ho bileng le likhohola joalo.” Monoto oa hlalosa.
Ho feta mona, o ile a fera ka ho totobatsa hore morerong ona ba hokahantse matsoho le bo-mphato oa bona e eng World Vision Lesotho ekasitana le European Union.