PS KHOTLA KA BOSHOLU BA MAFURA A ’MUSO
Ka Moipone Makhemeng
La 2 Phato 2023
Mongoli e Moholo oa mehleng Lekaleng la Metsi, Malefetsane Nchaka (50) oa Ha Abia Maseru, hammoho le banna ba Basotho; Leboelo Molefe (46) le Lebohang Tumahole (28) ba Khubetsoana Ha Hlathe Majara, Berea ba hlahile lekhotleng la ’Maseterata Maseru ka pele ho ’Maseterata Lerato Ntelane le mochochisi M. Ranthithi maobane.

M. Ranthithi, Mochochisi
Ba qosoa ka bosholu ba bomene-mene bo hakanyetsoang ho M300 000 ka ho khelosa le ho noesa likoloi tsa ’muso mafura ho li sebelisa boiketong ba likhetho tlasa folakha ea mokha oa All Basotho Convention (ABC). Ba balletsoe liqoso tse supileng kaofela.
Ho thoe moqosuoa oa pele, Malefetsane Nchaka ka leshano o ile a kopa likoloi tse peli ho Mongoli oa ‘Muso ka thetso ea hore ho na le khaello ea makoloi tšebetsong ea lihalahala ka maloting.
Lengolo la qoso le totobatsa a ne a tseba hantle hore likoloi ha li tlo sebelisoa lebakeng leo a reng o li hlokela lona. Ho boetse ho thoe moqosuoa o kopile likoloi tseo ka thetso ea hore li il’o sebelisoa ke letona le motlatsi oa lona lekaleng le boletsoeng a re tsa bona li ile tokisong (major service) empa ho se joalo.
’Maseterata ha a ba balla qoso o itse: “Likoloi tseo ha li ea sebelisoa tšebetsong ea lihalahala ka Maloting empa li ile tsa sebelisoa libokeng tsa mokha oa lipolotiki oa ABC molemong oa motho eo ho thoeng ke Nkaku Kabi libokeng kapa tšebetsong ea hae ea lipolotiki.

Ba bileng lekhotleng
“Ho thoe moqosuoa oa bobeli le oa boraro bona e ne e se bahlanka ba ‘muso empa moqosuoa oa pele o ba file tumello ea ho khanna likoloi tsa ‘muso empa a tseba hantle hore bao ha se basebetsi ba ‘muso. Kahona ha ba na tokelo ea mofuta ofe kapa ofe ho khanna likoloi tseo mehoantong ea ABC, ’me ba qosoa ka bomenemene.”
Qoso ea bobeli e re ka la 13 Phupu 2022 pela Lekala la Metsi, Maseru baqosuoa ba ile ba bua leshano ho Mongoli oa ’Muso ba re Lekala la Metsi le na le khahello ea likoloi tse lokelang ho sebetsa morerong oa lihala-hala. Ka lebaka la mafosisa a bona ho ile hoa fanoa ka likoloi tse peli, tsa linomoro-polata tsa A 034 BCF le A 408 BBJ ‘me ‘muso oa lahleheloa ke chelete e kaalo ka M148,525.00 kaha bao ba ile ba li tšela mafura a ‘muso. Mona ba qosoa ka boqhekanyetsi.
Qoso ea boraro ke ea bobolu moo ho bontšoang lipakeng tsa Motšeanong le Phupu 2022, moqosuoa oa pele e le mohiruoa oa ‘muso ka morero le ba bang ba ile ba sebelisa maemo a bona hampe ba ipha melemo e sa ba lokelang ka ho sebelisa likoloi tsa Lekala la Lichelete libokeng tsa moeta-pele oa ABC, Nkaku Kabi.
Qosong ea bone, Nchaka o qosoa ka hore lipakeng tsa Loetse le Mphalane 2022, o ile a sebelisa likoloi tsa ‘muso nako ea likhoeli tse peli leha a ne a tsoile ofising e le Mongoli e Moholo oa Lekala la Metsi. Likoloi tseo ke tsa linomoro-polata tsa X 05 BBG le D 857 BBC.
Baqosuoa kaofela ba boetse qosong ea bohlano ba qosoa ka bosholu ka ho tlola temana ea 57 (1) (2) ea Pokello ea Litlolo tsa Molao ka hore lipakeng tsa Loetse le Mphalane 2022, ba sebetsa ka morero o tšoanang le ka maikemisetso ba ile ba tšela koloi ea ’muso ea nomoro-polata ea X 04 BBG mafura a ’muso a boleng ba M30,652.50.

Nkaku Kabi, Moetapele oa All Basotho Convention o bile lekhotleng ho mamela liqoso tsa baqosuoa
Baqosuoa ba ile ba balloa qoso ea botšelela ’me mona ba qosoa ka bosholu ba ho noesa koloi ea linomoeo-polata tsa D 857 BBC mafura a ’muso ka boqhekanyetsi eaba ’muso o lahleheloa ke M67,164.47.
Qoso ea bosupa eona e re: “Baqosuoa kaofela lipakeng tsa Phuptjane le Phupu 2022, haufi le Engine Garage, Maseru ebile ba sebetsa ka ’mommori o tšoanang le maikemisetso ba ile ba noesa likoloi tsa ’muso mafura a chelete ea kaalo ka M46 714 ’me ba qosoa ka bosholu.
Kamora ho balloa liqoso, babuelli ba bona, Adv. Monaheng Rasekoai le Adv. Christopher Lephuthing ba ile ba kopela baqosuoa beile; ba itela ho lekhotla hore baqosuoa kaofela ke baahi ba Lesotho ba nang le malapa le ho phela Lesotho. Ba supa hore kahona ha ho letsoalo la hore ba ka tšoha ba baleha.
Adv. Rasekoai o ile a supa hore ba lumellane le mochochisi hore moqosuoa ka mong bonyane a lefe beile ea M10 000 ‘me e mong oa bona a behe paneng thepa ea boleng bo seng ka tlase ho M100 000 sebakeng sa baqosuoa kaofela. Leha ho le joalo, baqosuoa ba ile ba fuoa beile ea boikaloso kaha Maseterate, kaha a ile a re ha ho thuso hore baqosuoa ba lefe beile ea chelete leha ba tla fumaneha. A re ha ho thuso ea ho patalisa batho beile feela linyeoe li sa tsoele-pele ka makhotleng. O ile a ba laela ho se kena-kenane le lipaki le hore ba tle khotla ha ba hlokoa.
Leha ho le joalo, ’Maseterata o ile a etsa qeto ea ho ba lokolla ka beile ea mahala e leng ea boikaloso. Ba laetsoe ho itlaleha khotla ka la 28 Phato 2023.