MORENA KHOABANE O PHONYOHA HO FANYEHOA
Ka Moipone Makhemeng
La 27 Hlakola 2024
Morena oa Sehlooho oa Tebang, Khoabane Emmanuel Mojela o bile lekhotleng le phahameng, Maseru kajeno ho ikopela mohau kamora hore moahloli ‘Mabatšoeneng Hlaele a mo fumane a le molato oa ho bolaea motsoala oa hae, Tšenolo Letsie ka la 18 Motšeanong 2020 motseng oa Tšakholo Mafeteng.
Kajeno lekhotla le ile la tsoela-pele ho mamela lingangisano lipakeng tsa mochochisi Lehlanako Mofilikoane le ‘muelli oa moqosuoa, Adv. Jafta Thamae. Khang-kholo lingangisanong tsena e bile hore moqosuoa a fuoe kahlolo ea lefu athe akhente e ne e batla hore moqosuoa a fuoe kahlolo e bobebe.
Kamora ho mamela likhang tseo moahloli Hlaele o ile a re a ke ke a fana ka kotlo ea ho fanyeha moqosuoa kaha a re bochochisi bo hlolehile ho teka mabaka a kholisang hore moqosuoa o ne a na le maikemisetso a ho bolaea mofu. Har’a lintlha tse tekiloeng ke ‘muelli oa moqosuoa ebile hore moqosuoa o entse ketso eo ea polao tlas’a tšusumetso ea hore mofu o ne a mo mathela lingakeng e le teko ea ho mo bolaea ka boloi.
Leha ho le joalo, Adv. Mofilikoane o bontšitse taba eo e se eona sesosa kaha moqosuoa e ne e le nako e telele a jere lehloeo ho mofu. A supa hore moqosuoa ha a ka a thunya mofu hang hoba a buoe mantsoe ao a hore mofu o mo tsamaela lingakeng e le teko ea ho ‘molaea.
“Re iphapanyetsa joang mantsoe a hae a hore ‘kea tseba u ntsamaela lingaka u batla ho mpolaea. Mantsoe ao re a arola joang le tumelo ea hae ea boloi? Hobaneng o sa nahane hore eona taba eo ke eona e fetotseng maemo a litaba?” Moahloli Hlaele o beha potso ho mochochisi.
Adv. Mofilikoane khang ea hae e bile hore moqosuoa ha a ka a thunya mofu hang kamora ho ntša lipolelo tseo, a re o ne a loketse hore ebe o ile a thunya hang hafeela e ne e le ‘nete hore seo ke sona sesosa se entseng hore a bolaee mofu.
Lekhotla le ile la fana ka monyetla ho ‘muelli oa moqosuoa hore a mo kopele mohau ha lekhotla le liha kahlolo.
Leqoetha la moqosuoa, Adv. Thamae o teketse lekhotla hore ‘muelloa oa hae ke lekhetlo la pele a ameha tlolong ea molao. A boela a re moqosuoa o ile a fuoa beile eaba o tla lekhotleng nako eohle ha a hlokoa ntle le phoso ea ho lofa.
“Kamora ho etsa tlolo ena ea molao moqosuoa o ile a bontša tšoabo ka ho atamela lelapa la mofu a kopa ho tsosa hlooho ea mofu empa lelapa la hana. Ketso eo e bontša hore moqosuoa o soabile.” Adv. Thamae o itela ho lekhotla.
Thamae o behile ho lekhotla hore leha lelapa le hanane le moqosuoa hore a tsose hlooho ea mofu, moqosuoa o ntse a le maikemisetsong a ho etsa joalo haeba lelapa le ka lumela e le ho bontša tšoabo.
Leha ho le joalo, Moahloli Hlaele o ile a hanana le akhente hore moqosuoa o bontšitse tšoabo, a re leha a ntse a tla lekhotleng nakong eo nyeoe e tsoelang-pele o ne a sa bontše tšoabo leha a ne a sa bontše boikhohomoso hakaalo.
H’a a tsoela-pele, ho kopela moqosuoa mohau, Adv, Thamae o itse: “Moqosuoa ke ntate oa lelapa, o na le mosali, hape o na le mora ea ntseng a mo tataisa le ho mo otla leha mora e se e le morena oa motse o mong. A re leha eo e se e le monna empa kholiso le ho otla motho ha li fele. Thamae o ile a kopa lekhotla ho fana ka kahlolo e bobebe ka ho fetisisa.
“Ke kopa hore lekhotla le mo shebe ka mohau le mo ahlole lilemo tse nyane haholo e leng tse leshome ebe le fanyeha tse hlano.” Thamae o kopela moqosuoa mohau joalo empa moahloli Hlaele o ile a mo hlokomelisa hore a hopole hore bophelo bo halalelang ba motho bo lahlehile.
Ho sa le joalo, Adv. Mofilikoane a buellla mofapa-hlooho o kopile lekhotla ho liha kahlolo e boima ho moqosuoa kaha a bolaile mofu ka sehloho a bile a sebelisa sebetsa se kotsi – sethunya. A re ho sebelisa sebetsa sa mofuta oo empa mofu a ne a sa hlomela ka letho, ke sesupo sa hore moqosuoa o thuntse ka morero oa ho bolaea.
Mofilikoane o latotse taba ea hore moqosuoa o ile a atamela lelapa la mofu ka kopo ea ho tsosa hlooho. O re Mojela ha ka itšoenya ho atamela lelapa. O boetse a bua ka matla hore mofu le eena o ne a na le lelapa joaloka moqosuoa. “Mofu o siile mosali oa hae le lelapa, ke re lelapa la bo ha le sa tla ‘mona. Moqosuoa eena o lehlohonolo hoba o ntse a phela.” A re leha a ka ea toronkong o tla khutlela lapeng la hae ha mofu eena a ke ke a hlola a khutla.
Ha a kopela moqosuoa kahlolo e boima, mofapa-hlooho o kopile lekhotla ho ela hloko leqeba le tšabehang la kulo ea moqosuoa le holofalitseng mofu kaha o shoele a opeloa. A itela hape hore kahlolo e tla fanoa e lokela e be e tla tšabisa batho ho etsa tlolo ea molao e tšoanang le e entsoeng ke moqosuoa.
“Seo nka se chong ke hore moqosuoa h’a soabisa sechaba feela ka ketso ena empa o soabisitse le marena a mang ao a busang le ‘ona hammoho le sechaba seo a se etelletseng pele. Lekhotla le lokela ho liha kahlolo e tla tšabisa marena ho etsa tlolo e tjena ea molao hoba a tseba hore molao o teng; ha ho ea kaholimo ho molao.” Mofilikoane o lahla malepe joalo.
Mofapa-hlooho o phethetse ka hore leha moqosuoa a ne a na le tokelo ea ho rua sethunya empa o se sebelisitse ka bohlasoa kaha a ne a sa sireletse lelapa la hae kapa ho itšireletsa. O kopile hore lekhotla le mo fe kahlolo ea lilemo tse 25.
Moahloli Hlaele o itse ka mabaka a fanoeng a ke ke a fana ka kahlolo ea lefu ‘me a re o tla liha kahlolo ka la 27 Hlakola 2024.