PARAMENTE E BULOA KA TŠOHANYETSO HAPE
La 7 Phupu 2023
Libeke tsa ho feta ka la 27 Phupu 2023, Mongoli e Moholo oa Ntlo ea Bakhethoa, Adv. Lebohang Fine Maema o ile ea ntša lengolo le potolohang ho bitsetsa litho tsa paramente ho ea tulong e ikhethang ka la 7 Phato 2023 empa lengolo leo le ile la huloa.
Seo se ile sa etsahala kamora hore moetapele oa bohanyetsi, Mathibeli Mokhothu oa mokha oa Democratic Congress a ngolle Motsamaisi oa Ntlo ea Bakhethoa, Tlohang Sekhamane, a makalla hore o ntšitse samane e bitsang bahlomphehi
ka lepotla-potla.
Mokhothu o ne a lla ka hore ho ea ka melaoana ea paramente, maparamente a lokela ho fuoa tsebiso bonyane matsatsi a 14 pele Ntlo e buloa.
Tsebiso e ileng ea huloa e ne e baleha joana: “Ke laeloa ho le tsebisa hore Phutheho ea Bobeli e Khethehileng ea Paramente ea Leshome le motso o mong ea Lesotho e tla tšoareloa moahong o mocha oa Paramente, Maseru, ka Mantaha oa la 7 Phato 2023, ha hora ea bobeli e fetile ka metsotso e mashome a mararo mantsiboea (2:30pm) ho latela Molaoana oa Tsamaiso oa 14 (2).” E baleha joalo tsebiso e ileng ea lokolloa ke ofisi ea Mongoli e Moholo oa Ntlo, Adv. Lebohang Fine Maema ka la 27 Phupu 2023.
Leha ho le joalo, Maema o boetse a ngola tsebiso e ‘ngoe e hulang lengolo le ka holimo.
Kajeno hape, Ofisi ea Mongoli e Moholo oa Paramente e boetse e lokollotse lengolo le potolohang ho memela maparamente tulong e ikhethang e tla ba ka la 14 Phato 2023 ka 2:30pm. Maema o re tulo e bitsoa ho ipapisitsoe le molaoana oa Tsamaiso oa 110.
“Sepheo sa phutheho ena ke ho tla tšohla le ho fetisa setšoantšo sa Sehlomathiso sa Leshome le motso o mong sa molao oa motheo sa 2022 (11th Amendment to the Constitution Bill, 2022)” Lengolo la Maema le rialo la kajeno.