SENATE SE KHOTHALETSA PHETISO EA LITLHOPHO-BOCHA
Ka ‘Matlhohonolofatso Lebesa
La 16 Pulungoana 2023
Ntlo ea Senate e tšetšethile tlhahiso e potlakileng e ileng ea sisinngoa ke morena oa Sehlooho oa Leribe, Joele Bolokoe Motšoene.
Tlhahiso e ne e re ‘Ntlo ea Senate e khothaletse hore mahlakore ’ohle; ka pusong kapa bohanyetsing a potlakele ho fumana tharollo holim’a monyebe oa ho fetisa litlhopho-bocha ka ho beha ka sehlohlolong phetiso ea litlhopho-bocha.’
Tlhahiso e ile ea tlatsoa ke morena oa Sehlooho oa Likhoele, Lerotholi Leshoboro Seeiso. Tšisinyo e ile ea qalella ho tšohloa bekeng e fetileng hofihlela maobane.
Mookameli oa Ntlo, ’Mamonaheng Mokitimi o ile a fa litho monyetla ho tsoela-pele ho khobotla tlhahiso ena.
Morena oa Sehlooho oa Likhoele, Lerotholi Leshoboro Seeiso, o ile a ipiletsa hore likarolo tsa bohlokoa tse amang sechaba li behelloe ka pele. A re naha ena e hloka baeta-pele ba sa ichebeng bo-bona, haholo lehlakoreng la ba emetseng sechaba.
“Borena ke hore re ikhopole hore re thepa ea sechaba sa Basotho e le institutions. Re shebe hore sechaba se phela joang.” Ho rialo Morena oa Likhoele.
A re litaba tsohle tse etsoang li tlameha li kenyeletse puso ea sechaba ka sechaba ekasitana le ho kenyeletsa bohle. O itse baeta-pele ba sechaba ba sebetse ho latela litaba-tabelo tsa sechaba.
“Re ile ra ea Eastern Cape moo re ileng ra ithuta hore taba ea public participation e bohlokoa.” Ho rialo morena oa Likhoele a hlalosa bohlokoa ba ho kenyeletsa sechaba litabeng tse se amang.
“Re itjoetse hore re tla khutlela sechabeng ho se joetsa seo re fuoeng boikarabelo ho sona, e leng ketso ea melao. Re lokela ho batla maikutlo a sona pele. Re tlohelle ho thetsa ka hore re batlile maikutlo a sona.” Ke Morena oa Likhoele a khobotla ka matla.
O boetse a supa hore taba ea litlhopho-bocha e ile ea oelella paramenteng ea leshome hoba bapolotiki ba neng ba le pusong nakong eo, ba ne ba icheba bobona.
Morena Tholo o boetse a teha ka mohlala hore mopresitente oa mehleng oa Amerika, Barack Obama o kile a re ‘khotso ha e kenngoe bathong empa e ea kopuoa.’
Morena oa Likhoele a manolla hore tokomane ea tlhopho-bocha (Omnibus Bill) e tlo sebetsana le bosholu ba lichelete tsa ‘muso.
“Ho utsoa bapolotiki, ba sebelisa lebitso la Basotho, ’me ha ba ka tlohella ho shebella batho ha ba ja chelete, le rona re tla thola. Tlohellang bosholu re tla thola re le marena”. Ke eena eo.
A re botsitsong ba naha, ha ho kenngoa tšisinyo ea ho hloka-tšepo ho tona-kholo, e lokela ho fetisoa hore ea hloloang a hloloe.
Kopo e kholo ea Morena Tholo, ebile hore litsi tsohle tsa tšireletso li kenyeletsoe. A boela a lla ka hore mobu oa temo o fella bathong bao ho neng ho nkuoa ba le betere, empa ba bonahala ba lema matlo masimong.
Ka lehlakoreng le leng, setho se seng sa Senate, Sehloho Monatsi, o tšoaetse ka hore e bile makhetlo a ka bang robeli motsamaisi oa mehleng oa lipuisano Ntlong ea Bakhethoa, Sephiri Motanyane a re moeta-pele oa ntlo oa nako eo, o ne a sa isi mosebetsi oo a neng a lokela ho tlisa ka ntlong feela a makala hore eena motho eo, o batla ho etella naha pele.
Monatsi o ile a itela hore paramente ea leshome le motso o mong e etse mosebetsi oa tlhopho-bocha hore o fete kapele.
“Re se tšehisa machabeng le sechabeng hore joale ho etsoe papali feela paramenteng.”
Ho sa le joalo, Morena Motšoene le eena o ile a supa hore taba ena e matla haholo hoba tokomane ea tlhopho-bocha ka likanta tsohle e re ho fetoloe tsela eo ho busoang sechaba ka eona.
A toboketsa hore taba ea litlhopho-bocha e na le lintlha tse ngata tseo liparamente tsa linaha tse ling li raliloeng ho tsona.
Motšoene o ile a etsa kopo-thapeli hore litsi tsa tšireletso li lokela ho etsa mosebetsi oa tsona oa ho sireletsa sechaba le thepa ea sona ‘me se qobe ho kena lipolotiking.
“Ke bona e le hantle hore ba tlohe litabeng tse ba kenyang kahare ho lipolotiki. Ba lokela ba etse seo e leng tšebetso ea bona ea hore ba sireletse Mosotho e mong le e mong.”
O boetse a re bona e le maparamente, o hlokometse hore ba ne ba iketsetsa melao e molemong oa bona: “Tsona litaba tsa ho tšela ka paramenteng, u ne u bona feela hore ehlile ke taba ea hore menoana e se e mpehile ka mona, ke se ke tšetse Jorodane, ha ke sa hetla morao ho sheba hore na batho ba bang mane metseng moo re phelang teng, literekeng, joalo-joalo, ka ho fapana na boiketlo ba bona bo tsamaea joang.”
“Mohla re ka ikhopolang hore re tletse sechaba, ha rea tlela rona ke mohla naha ena e tla tsoela-pele.” Motšoene oa li beha.
“Ho tloha ka selemo sa 1993, Basotho ba ile ba re ba batla puso ea sechaba ka sechaba empa hajoale ke puso ea sechaba ka sechaba molemong oa batho ba bang. Taba ea Omnibus Bill e tlameha ho potlakeloa ka sehloohong molemong oa phetiso ea litlhopho-bocha.” Motšoene o’a phethela ‘me ntlo e ananetse tlhahiso ea hae hore mahlakore ’ohle; ka pusong kapa bohanyetsing a potlakele ho fumana tharollo holim’a monyebe oa ho fetisa litlhopho-bocha ka ho beha ka sehlohlolong phetiso ea litlhopho-bocha.