MOSALI KHOTLA KA POLAO EA MONN’AE OA LEPOLESA
Ka Moipone Makhemeng
La 13 Phuptjane 2023
‘Masarisi Ralekuku, 33, (Rethabile Angelina Foulo) oa Ha Abia Maseru ha morena Khoabane Theko, o hlahile ka pele ho ‘maseterata oa Maseru Teboho Tšosane kajeno, a hlaha e le moqosuoa oa bobeli polaong ea molekane oa hae – Tau Ralekuku.
Lengolo la qoso le hlalosa ha baqosuoa ka la 26 Pherekhong 2023 ka morero le maikemisetso ba ile ba thunya le ho bolaea Tau Ralekuku a le khoebong ea hae, Ha Abia, Maseru. Moqosuoa oa pele, Taole Koma (41) oa Lehlakaneng, Ha Mothae o se a ile a hlaha lekhotleng ‘me a itefella beili.
Tšoaro ea ‘Masarisi e tla kamora hore sepolesa se phatlalatse foto ea hae ho marang-rang se hlalosa se ntse se ‘matla ka pelaello ea polao ea monna oa hae. Sepolesa se ile sa tlaleha ha ‘muelli oa hae a nehelane ka eena sepoleseng maobane.
Kamora ho balloa qoso, mofumahali Ralekuku o ile a tsebisoa litokelo tsa hae e leng ho ipatlela ‘muelli ea ratoang ke eena eo a tlang ho itefella eena kapa ho fuoa ‘muelli oa ‘muso. ‘Muelli ke eena ea tla mo kopela beili lekhotleng le phahameng.

‘Masarisi Ralekuku [Foto: Facebook/LMPS]
Ho sa le joalo, moqosuoa ‘Masarisi Ralekuku o tla emela nyeoe a le polokelong ea batšoaruoa ‘me o tla boela a hlaha khotla ka la 27 Phuptjane 2023.