KOMITI E NCHA EA SR E KHETHILOE
Ka Moipone Makhemeng
La 29 ‘Mesa 2023
Lekhotla la Kanana ea Basotho, Socialist Revolutionaries (SR) le bile le seboka se akaretseng ho tšoara likhetho tsa komiti e kholo holong ea Methodist High School, Berea bosiu bo fetileng ho isa mesong ea kajeno. Seboka sena e bile sa khotso ‘me litho tsa SR tseo e leng baruti; Moruti Phakiso Moleko le Moruti Tlale Pae ba ile ba beha thapelo e matla ho ramaseli.
Motlatsi oa moetapele, mohlomphehi ‘Mamarame Matela h’a lelekella puo e etelletseng-pele ea moetapele oa lekhotla, Mohlomphehi Teboho Mojapela Matela o supile hore eena o tlo emisa moeta-pele ea tlo supa tsela joalokaha Israeleng ho bile le moeta-pele ea ile a supa tsela leha bana ba Molimo ba ile ba lelera lefelleng lilemo tse 40.

Adv. ‘Mamarame Matela, motlatsi oa moetapele oa mehleng oa SR
A ipiletsa hore bohle ba paramenteng ba lokela ho bua ka litaba tse ahang naha le ho beha litaba-tabelo tsa naha ka pele.
Khabareng motlatsi oa moeta-pele o ile a emisa moetapele Mojapela ho bula seboko semmuso.
Mojapela o ile a hlalosa hore tšebetso e tlil’o ba ho fanyeha tse ling tsa litemana tsa molao oa motheo ho ea ka khothaletso ea seboka sa boetapele. A re lekhetlo la pele nalaneng ea SR, ba boetse ba tlo khetha komiti e kholo e ncha.
Lebai-bai o boetse a hlabolla litho tsa habo a li ruta hore na lipolotiki tse nepahetseng ke tse joang ekasitana le litšiea tse nepahetseng. O ile a toboketsa hore mekhoa e metle le puso e nepahetseng ke tsona litšiea tse nepahetseng tsa polotiki.
A re ka bomali-mabe masholu le linokoane tsa libolu li nkile ‘muso empa o makalla batho ba phaqolang kamora bao hoba ba tšepile ntšepeli-ea-ntšepe. O ile a hlokomelisa ka litho tse ileng tsa itšema bora empa a re hajoale bona ba hahamalla pele. A leboha Makanana ‘ohle a ileng a khetha SR likhethong tsa ngoahola, moo ba hlotseng lebatooa la Motete ekasitana le ho abeloa setulo se le seng sa khekhethane.

Boromuoa ba SR bo ne bo tletse tsoete! ka holong
Ha a lihela likhala, Adv. Mojapela o ile a khalema litho a li bolella hore hafeela a ntsa le teng a ke ke a lumella litšila kahara SR feela a kopa bonngoe, “Ke kopa re tlohe mona re le ntho e le ‘ngoe, ‘me re hopole hore 2028 Kanana e tla ba ‘muso.” Ke thapeli le toro tsa hae tseo.
Komiti e khethiloe joana ‘me litho li ne li khetha maemo ‘ohle ntle le setulo sa moetapele:
- Moetapele Adv. Teboho Mojapela
- Motlati oa Moetapele – Tlohetang Aumane
- Mongoli e moholo – Tjoetsane Seoka
- Ramatlotlo – ‘Matšepe Lelela
- Molula-Setulo oa Liboka – ‘Mapali Molula
- Motlatsi oa mongoli e moholo oa liboka – Nthabeleng Mochotoane
- Motlatsi oa Molula-Setulo oa liboka – Retšelisitsoe Mosito
- Mohasi oa litaba – Moruti Phakiso Moleko
- Motlatsi oa mohasi oa Litaba – Relebohile Mosisili
- Mookamell oa liphatlalatso – Moremi Matobako
- Motlatsi oa mookameli oa liphatalatso – Adv, Khotso Mahau.
- Litho tse peli
(a) ‘Masello Moleleki
(b) Lerato Kamele

Libini tsa Lekhotla la SR