O PHETA TŠOTLEHO EA MASOLE A LESOTHO MOZAMBIQUE
Ka motlalehi oa rona
Lebotho la pele la sesole sa Lesotho le ileng la romeloa ho ea thusetsa ntoeng khahlanong le marabele, Mozambique ka Phuptjane 2021 le hlalosoa ke letona ofising ea tona-kholo, mohlomphehi Limpho Tau le ne le sotlehile haholo liahelong tsa lona Nangade, Cabo Delgado, Mozambique.
Tau o ne a araba potso ea morena oa sehlooho oa Leribe, Joel Motšoeneng Ntlong ea Senate ea hore na ‘muso o tlo etsang ho bona hore boiketlo le maemo a tšebetso a masole a Lesotho Mozambique a nepahala.
Tau o lumetse hore litaba tsa lebotho leo li ne li sa tšoaroa hantle ke puso e fetileng, a supa lebaka e le hore lebotho le rometsoe Mozambique ho se chelete e behelletsoeng ka thoko likhakanyong tsa lichelete ho phelisa lebotho leo ntoeng.

Colonel Tefo Ramosie, molauli oa lebotho la pele la Lesotho, Mozambique
Taba e bohloko ka ho fetisisa letona le hlalositse ha masole a ne a lieha ho isetsoa lijo ha li felile. “Ha ‘Muso oa Lesotho o romela sesole Mozambique, ho ne ho se kabo ea lichelete kapa budget e neng e hloailoe tšebetsong eno. Ho ne ho sebetsoa ka tsela ea hore ba be le kopo eo ba e etsang ebe ho tsonngoa chelete, ho etsoe li-virement le tse ling ho batlanoa le chelete ‘me taba eno e ne e bonahala e liehisa hore ba fumane lijo haholo.” Letona lea hlalosa.

Tonakholo Sam Matekane mohla kamohelo ea lebotho la pele semmuso, Makoanyane Barracks
O itse ho lokisa bothata bona, ‘muso selemong sena o abetse sesole chelete e kaalo ka M142 milone e le e tla sebelisoa molemong oa masole a Lesotho, Mozambique feela.
O boetse a supa hore lithaere tsa likoloi tsa ntoa tseo Basotho ba li bitsang liramo e ne e le litamati – ke hore li ne li felile.
Leha ho le joalo, Tau o re kamora hore tona-kholo Sam Matekane a ikise ka seqo Mozambique ka Pherekhong ho ea hlahloba maemo a tšebetso ea masole, ‘muso o entse liphetoho tse kholo ho bona hore boiketlo le tšebetso ea mabotho li’a nepahala.
Ka ho khetholoha Tau o re ‘muso o entse moralo oa hore sefofane sa Lesotho se ise lijo le litlhoko tse ling Mozambique bonyane nakong ea libeke tse peli kapa e le ‘ngoe ha ho hlokahala. “Ka kakaretso tlhokomelo kapa boiketlo ba lebotho la sesole sa Lesotho ke bo amohelehang.” Tau o beha joalo.
O bile a hlalosa hore malapa a masole a mararo a ileng a oela moleng oa ntoa Mozambique a fumane matšeliso.
“Malapa a bafu ba masole a ileng a lahleha Mozambique a se a fumane matšeliso a lokelehang ka mafapha a mabeli; la pele e le le tsoang ho ‘muso oa Lesotho, la bobeli e le le tsoang ho mokhatlo oa SADC, ‘me matšeliso ao a se a fihlile malapeng a bafu bao ba bararo.” Ke Mohlomphehi Tau.

E mong oa bahlolohali ba masole a oeleng Mozambique
A supa hape hore litho tsa lebotho la pele li amohetsoe semmuso ka la 15 Tlhakubele 2023 ke tona-kholo ea bileng a abela bao likhau.
“Mohlomphehi Tona-Kholo o tšepisitse hore pele khoeli ea Motšeanong e fela o tla bona hore bao ba lebotho la pele ba fumantšoa letho le tšoarehang e le ho ananela tšebetso eo ba e entseng Mozambique.