’MUSO O PHATLALATSA SELEKANE SE SECHA
Ka ’Matlhohonolofatso Lebesa
Tona-Kholo Sam Matekane kajeno o epile ‘moka oa bo-ralitaba hammoho le mekha e kopanetseng puso le mokha oa habo Mpilo Boutique Hotel. Sepheo e bile ho phatlalatsa selekane se secha sa puso se bupiloeng ka mekha e supileng. Sena se latela tšisinyo ea ho hloka tšepo ho tona-kholo e ileng ea hlahleloa ke moetapele oa Basotho National Party (BNP) Machesetsa Mofomobe ka la 16 Mphalane 2023.
Matekane o phatlalalitse mekha e supileng e thehang selekane se secha sa puso e le ena: Revolution for Prosperity (RFP), Alliance for Democrats (AD), Movement for Economic Change (MEC), Basotho Action Party (BAP), Lesotho Congress for Democracy (LCD), HOPE le Lesotho People’s Congress (LPC).

Selibe Mochoboroane (MEC) le Ntoi Rapapa (AD)

Moruti Paul Masiu (LPC) le ‘Machabana Letsie (HOPE)

Nqosa Mahao (BAP) le Mothetjoa Metsing (LCD)
O boetse a phatlalatsa hore lehlakore la puso le na le lipalo tsa maparamente a 67 a tšehetsang ‘muso.
Matekane o supile hore ba thehile selekane ho arabela tlhoko ea sechaba le taba-tabelo ea hore ‘muso o fetise litlhopho-bocha.
“Sechaba sa heso re hlaha mona ka pele ho lona ka sebopeho se tsoetsoeng ke liketsahalo tsa lipolotiki tsa morao tjena kahare ho naha ena ea Lesotho.” Ho rialo Matekane.
A supa hore sepheo sa ‘moka ke ho hlahisa le ho teka ka pele ho sechaba balekane ba puso e ncha. A re selekane sena se tla ‘ne se be le tšehetso e matla ho tsoa ho batšehetsi ba puso ka paramenteng.
“Tumellano e se entse e sebetsoa ke bo-ramolao ba makhotla ana a thehang selekane sa kopanelo ea puso.” Oa hlalosa.
“Bohle le tla hopola hore Basotho ba laba-labela puso e ncha moo ho nang le khotso le botsitso ’me sena re tla se fihlela ka ho kenya tlhopho-bocha.” Matekane oa nama.
O tsoetse-pele hore tlhopho-bocha e tla tsoela-pele ho sebetsoa le ho etsoa ke bohle ba nang le kobo ea bohali. “E ka ba bomali-mabe ha taba ea litlhopho-bocha e ka senyeha matsohong a rona.” Ho rialo Matekane a hlalosa hore ba tlameha ho hlobola boikhabo le ho tebisa metso ea bosebeletsi ba sechaba moo Lesotho le tla futhumalla Basotho bohle ekasitana le moo makhotla a molao a tla sebetsa ka toka.
Matekane a boela a supa hore ba itlama e le puso hore pele likhakanyo tsa lichelete li feta ba tla be ba fetisitse karolo e kholo ea litlhopho-bocha.
A bontša ngongoreho hore Lesotho le fetohile sesomo kahara hloahloa ea Afrika e ka Boroa. A re metsoalle ea Lesotho e khathatsehile le ho nyahama ke tlhokahalo ea botsitso ka hara naha.
Ho sale joalo moetapele oa BAP, Prof. Nqosa Mahao o itse hajoale ba se ba emetse hore tšisinyo ea ho hloka tšepo ho tona-kholo e vouteloe ka paramenteng kaha ba na le bonnete ba hore ba itokisitse ho lekana ho hlola bohanyetsi ka lipalo.

Mothetjoa Metsing, moeta-pele oa LCD
Potsong ea hore na lekhotla la matona le tla eketseha, tona-kholo e supile hore joalokaha ba sa tsoa kena tumellanong e ncha lintlha tsohle li sa lokisoa ke bo-ramolao.
Ka lehlakoreng le leng, moetapele oa MEC Selibe Mochoboroane o supile hore tokomane ea litlhopho-bocha e tla lokela ho shejoa e sebetsoe, e fetisoe.
Motlatsi oa moetapele oa RFP Nthomeng Majara o supile hore ho ile hoa ba le seboko sa hore boholo ba litemana tsa litlhopho-bocha li faotsoe empa a re ha ho joalokaha batho ba ne ba bolelisa. A tšoaela ka hore ha ho na tokomane e ka khotsofatsang batho kaofela.