BABUSI BA MEHLENG BA MAKALLA MATEKANE
La 22 Mphalane 2023
Litona-kholo tsa mehleng, Motsoahae Thabane, Pakalitha Mosisili hammoho le motlatsi oa tona-kholo oa mehleng, Monyane Moleleki ba tsoile puo ka maemo a renang kahara naha kajeno. Sena ba se entse lijong tsa motšeare ba lutse le baphalatsi ba litaba.

Babusi ba mehleng ba makalla tona-kholo [Image Facebook /Meloli Airwaves Media]
Ea ileng a e tlosa liboba ke mohlomphehi Mosisili: “Rea bona hona joale hore litaba li nka mothinya o mong o sa tloaelehang. Sena ha se ka lumelloa se ka ba kotsi haholo bokamosong ba puso ea sechaba ka sechaba Lesotho mona.
“Re ile ra utloa tonakholo ha e etsa polelo ‘me ea hlahlangoa ke ea balaoli ba tšireletso eaba rea elelloa hore joale li ka molekeng oa tšimo. Re maketse ha paramente e etsa mosebetsi oa eona oa parliamentary democracy joale ho thoe paramente e hlokisa naha botsitso. Vote of no confidence e teng e laoloa ke molao oa motheo. Ho fosahetse hore tona-kholo e hlahe e re tšisinyo ea ho hloka tšepo ke ho hlokisa ‘muso botsitso. Taba ena e ea fosahala – haholo ha baokameli ba litsi tsa tšireletso ba re ebile e ke ke ea etsahala.
“Helang batho! Bona ba cha ba tšola eng litabeng tsa ka paramenteng? Taba ea ho hloka tšepo e etsahetse ka makhetlo a mangata, joalokaha e ile ea ntlhola le ‘na ka 2017. Taba eo e ne e bakiloe ke rona kaha re ile ra leleka maparamente a rona bo-ntate Moleleki eaba ha ba vouti ba tsoela ka ntle. Ke ne ke hloloe eaba kea matha, ka tšela Kingsway ka ea ho Motlotlehi ka kopa hore a qhale paramente.” O rialo Mosisili.
O hlalositse ka nako eo molao o ne o lumela hore a ka kopa Motlotlehi ho qhala paramente ha a se na lipalo tsa ho busa. A etsa temoso hore ho ea ka molao o mocha oa kotopo tona-kholo e oela ka paramenteng ho sa uoa likhethong.
Pakalitha o boetse a sola lipolelo tsa baokameli ba tšireletso. “Litsi tsa tšireletso ha li na kabelo litabeng tsena. Ke bomali-mabe hore taba ena e etsahetse. Ha ho hlokehe hore ho ‘ne ho uoe makhotleng ho ea thiba tšisinyo ea ho hloka tšepo.
“Haeba lipalo ha li eo, ‘muso o tla oela, ho behoe o mong.” Ke Pakalitha a bua ka ho makala.
O lihelletse likhala ka ho supa hore ntho e tlo baka merusu le ho hlokisa naha botsitso ke ha bacha ba sebelisoa ho etsa mekoloko ea nyatso khahlanong le paramente ha e etsa mosebetsi oa eona.
Ho sa le joalo, mohlomphehi Moleleki o ile a tšoaela ka ho etsa khopotso hore mokha oa Lesotho Congress for Democracy (LCD) o ne o thehoe ka paramenteng ‘me maparamente a fetisa tšisinyo ea ho ba le tšepo ho ‘muso oa ntate Mokhehle ea ileng a theha LCD.
“Ho ile ho voutoa eaba Ntate Mokhehle oa hlola ka lipalo puso ea tsoela-pele tlasa mokha o mocha leha bane ba neng ba khethuoa ke sechaba ba BCP ba ile ba hloleha.
“Tabeng ea tšisinyo ea ho hloka tšepo ba fuoeng matla ke sechaba, ke bona ba behang tona-kholo le ho e tlosa. Taba ea hore tšisinyo ea ho hloka tšepo ke ho hlokisa naha botsitso ha se eona. Sena ke ho phethahatso lipehelo tsa puso ea molao Lesotho.” O fera litaba joalo Mokola.
Mohlomphehi Thabane o tlatsitse bo-mphat’oae hore o ile a makala haholo ha a utloa litaba tsena, tseo a li bitsitseng ‘limakatso’. “Re naha e ratoang ke Molimo haholo, ha re ke re rapeleng Molimo a re thuse, re ke re tsepameng tabeng ea khotso. Ha re ke re chakeleng lingoliloeng tsa rona le melao e re tataisang.” Ke Thabane a li kobella