SELATE O LOKOLLOA KA BEILE HAPE
Ka moqolotsi oa rona
Leihlo la Basotho
La 11 ‘Mesa 2023
Lehlohonolo Selate (42) oa Matsoatlareng, Maseru ea ileng a lokolloa ka beile ka Mantaha oa la 3 ‘Mesa 2023 empa a tลกoaroa hang kamora tokollo eo o lokolloetsoe ka beile hape-hape kajeno ke ‘Maseterata oa Maseru, Nthabiseng Moopisa.
‘Maseterata o laetse Selate ho lefa beile ea M10 000 ekasitana le ho batla motho ea tla beha paneng chelete e kaalo ka M150 000. O boetse o laetsoe ho se kena-kena le lipaki tsa mofapa-hlooho ekasitana le ho se sitisi lipatlisiso tsa sepolesa ka tsela efe kapa efe.ย
Moqosuoa o buelloa ke Adv. Rethabile Setlojoane.
Selate ke e mong oa baqosuoa ba ka sehloohong bosholung ba M50 milone ea ‘muso ka 2021, ‘me ha a tla tลกoaroa hape o ile a qosoa ka bomenemene ba ho thusa Omega Ntsoele le Lisemelo Tลกoaeli ho fuoa mokitlane oa M460 000.00 ke Standard Lesotho Bank ka bolotsana. Bala litaba tseo ka botlalo mona: https://t.ly/yZ5O.
Selate o fuoa beile tjena leha bochochisi le mapolesa ba ne ba hanyetsa hore a fuoe beile kaha ba ne ba re ha a ka lokolloa o tlo nyamela joalokaha a ile a etsa nako e fetileng.
Lepolesa Penane Lesaoana ho hlaha sepoleseng sa Ntlo-Kholo Maseru lefapheng la Toantลกo ea Boqhekanyetsi le Bomenemene ha a tลกetleha mabaka a hore Selate a se lokolloe ka beile beke e fetileng o ne a bolelle lekhotla hore ha ba na tลกepo hore moqosuoa a ka khutlela khotla ha a ka lokolloa ka beile kaha e ile ea e-ba boriki ho fumaneha ho tloha ka qoso ea 2018 le ea 2021. Ntle ho mona, o ile a hlalosetsa lekhotla hore moqosuoa ha a ntse a le ka chankaneng o ile a ba le boitลกoaro bo sa amoheleheng moo a ileng a fumanoa a na le mohala oa thekeng โme a ba a tlosoa chankaneng e tlaase, a isoa chankaneng e kholo.
Ka mokhoa o tลกoanang, paki ea bobeli, Sergeant Kotsi, o ile a hatisa holimโa lintlha tsa paki ea pele hore ho ile hoa ba boima ho fumana moqosuoa liqosong tse ling tse fetileng kaha ho ne ho sa tsejoe moo a teng.
A totobatsa hore ba bile ba sebelisa sehlopha sa bo-ramahlale ho phopholetsa moo a neng a ipatile. Ke moo ka tลกebelisano-โmoho le bo-ramahlale ba sebetsang le bona Afrikoa Boroa ba ileng ba fumana hore o phela libakeng tse fapaneng hona naheng eo.
O re ba ile ba etsa matsapa ‘ohle ho mo fumana โme khabareng ba ile ba mo tลกoara ka maraba ao ba neng ba mo lohetse ‘ona karajeng e โngoe Maputsoe ha a ne a tla Lesotho, a bile a tลกela le nokeng ea Mohokare ho tla hae.
Moqosuoa o tla hlaha khotla hape ka la 25 ‘Mesa 2023.