YOUNG WOMEN OF AFRICA E TŠOARA SEBOKA MASERU
Ka Moipone Makhemeng
La 5 Tlhakubele 2024
Mokhatlo oa basali ba bacha (Young Women of Africa) maobane o bile le kopano ntlo-kholo ea Basotho National Party ka sepheo sa ho thakelana malebela ka liqholotso tseo basali ba tobanang le tsona letsatsi ka leng.
Young Women of Afrika ke mokhatlo o thehiloeng ka selemo sa 2021, o thehoa ke basali ba mekha e fapaneng ea lipolotiki. Sepheo sa mantlha sa mokhatlo ona ke ho matlafatsa khokahano ea basali le tšebelisano-‘moho ea bona. Sena se hlalosoa ke Precious Banda e le mohokahanyi oa mokhatlo.
Banda o boetse a hlalosa hore mokhatlo o shebane le maano a tsoelo-pele ea basali ka ho rarolla lingongoreho tsa bona kontinenteng ea Afrika ka bophara.
“Re kopane ho etsa khokahano e matla moo re tšehetsanang. Re boetse re ntšetsa-pele litaba tsa basali tse kang matšolo a bana, matšolo a basali khahlanong le thekiso ea basali le ho qobelloa ho etsa thobalano. Matšolo a kabo ea mesangoana ea lehatlelo, ho ba le seabo litabeng tsa moruo re le basali le tlhahlobo ea boeta-pele ba basali.” Ho hlalosa Banda.
O boletse hore leha litho tsa mokhatlo ona li arohane ka mekha ea lipolotiki le linaha, empa ba hahamalla ho sebetsa-‘moho. A re ba thusa basali ba bacha ho iketela likhetho linaheng tsa bona. Banda o tobokelitse hore mokhatlo ona ha o khethe nku ka pere, kaha basali ba maemo ‘ohle ba buletsoe mamati ho ba litho.
Banda o itse liqholotso tseo mokhatlo o tobaneng le tsona ke khaello ea lichelete empa a re ba ntse ba iteka kaha kopano ke matla.
Ho sa le joalo, e mong oa bacha ba hlahelletseng ka mahetla toantšong ea HIV/AIDS Lesotho, Tšepang Maboee hape e le e mong oa bathusi litabeng tse amanang le linako tsa basali (menstruation and sanitaries) o ile a bontša a le motlotlo haholo ho ba karolo ea kopano ena.
Maboee o bile a supa a na le tšepo ea hore o tla fumana tšehetso e kholo ho tsoa mokhatlong ona. Kamora ho fana ka tlhahiso ea hae o ile a fumana tšepiso ea ho fuoa bonyane mesangoana ea lehatlelo e lekholo ke Banda pele a khutlela Afrika Boroa.
Ho feta mona, mofumahali Mpho Lebesa e le mothehi oa mokhatlo oa tikoloho o matlafalitsoeng ke bacha o batlang ho khutlisetsa le ho nchafatsa botala ba naha ea Lesotho, Plant One Tree (POT) o fane ka liteboho tsa hae a re kopano ena e atlehile haholo ka bacha ba mekha e fapaneng ea lipolotiki. A menyelletsa ka hore sena se mo fa tšepo ea hore toro ea bona e tla phethahala ntle le ho thunthetsoa ke lerole la lipolotiki.