NYEOE EA BOLOI KHOTLA, LELAPA LE TIMETSE
Ka moqolotsi oa rona
La 18 Motšeanong 2023
Malapa a Mafeisi, Thamae le Makhetha a bile le qoaketsano e amahanngoang le boloi e bileng ea baka hore lelapa la Makhetha le hlaseloe ‘me hoa chesoa matlo, makoloi le ho bolaoa hoa beng ba lelapa; mofu ‘m’e ’Malethole Makhetha le monna oa hae ntate Tumane Makhetha le morali oa bona ka la 29 Mphalane 2016, Motseng oa Ha Lebenkele Baking, Berea.
Nyeoe e ile ea hlahleloa ke sepolesa ‘me baqosuoa ke ba latelang ho tloha ka oa pele ho isa ho 12: ‘Mathato Mafeisi, Nthabiseng Mafeisi, Ramakula Mafeisi, Tumelo Mafeisi, Jeremane Fusi, Serame Mafeisi, Thato Mafeisi, Mpho Thamae, Retšelisitsoe Moeti, Khotso Ramatsoeng, Petrose Mafeisi le Thapelo Moeti.

Sehlopha sa baqosuoa ka khotla [foto, Facebook]
‘Matšepiso Makhetha e leng ngoetsi ea mofu ‘Malethole Makhetha o ile a fana ka bopaki a hlalosa sesosa sa qabang ea malapa se bakileng lipelaelo tsa boloi.
‘Matšepiso o ile a bolella lekhotla hore ha a fihla bohali ka 2012 e le ngoetsi, malapa a Makhetha le Thamae a ne a ntse a utloana. O re molamo oa hae ‘Majane Makhetha o ne a na le motsoalle ‘Mabongi Thamae eo ba neng ba hotse ‘moho le ho kena sekolo ba bile ba kalimana liphahlo ba nts’ana se inong.
“Ka 2015 ‘Majane o ile a ratana le mohlankana ea bitsoang, Lechekha empa ka utloa a mpolella hore ‘Mabongi o mo nketse mohlankana eo.

‘Mats’episo Makhetha, paki [Foto – Facebook]
Paki e supa hore ‘Majane ha a se a nyetsoe o ile a fumana li-SMS tsa litšoso tsa motho ea reng: ‘Uena ke tlo sebeletsa hore u khutle lenyalong mono’.
Hamorao ho ile hoa fumanoa hore mong’a melaetsa ke ‘Mabongi kaha melaetsa e ile ea tlalehoa sepoleseng. ‘Mbongi melaetseng o ne a bile a bolelisaka ka moo ‘Majane a nyalehileng ka teng a pheha ka khase ha eena a pheha fatše a sokola.
Paki e tsoetse-pele ea bontša hore ‘Majane o ile a tla hae setsoetse ‘me a belehela sepetlele Mapoteng moo a ileng a boela a ‘na a fumana melaetsa ea litšoso fonong. Hang ha ‘Majane a tsoa beleha sepetlele, o ile a fumana samane ho tsoa moreneng oa motse oa Baking
“Maqosa ha a fihla lapeng a ile a re ho ‘m’e ‘Malethole: ‘Morali oa hau oa bitsoa moreneng, ‘Mabongi o re o bone ‘Majane a kena ka fenstere habo a palame ‘methe oa poone.
“Lehloa le ne le khetheha mohla tsatsi leo eaba re khanna motsoetse ka kiribae re mo isa moreneng moo a ileng a hlongoa lipotso.
“‘Majane o ile a lla a re bo-ntate, ha ke tsebe letho.” Paki e rialo.
Litaba tsa pelaello ea boloi li bakile hore ka la 29 Mphalane 2016 lelapa la Makhetha le hlaseloe ke la Mafeisi, la Thamae hammoho le karolo e ‘ngoe ea sechaba sa motse.
Mora oa bafu ebile paki le eena ‘me o boleletse lekhotla hore na batsoali ba hae ba ne ba shoe joang.
“Ka la 29 Mphalane 2016 ka bo- 9pm, ke ne ke robetse ka ntlong ea heisi hona lapeng moo le mohats’a ka ‘Matšepiso hammoho le morali oa rona empa ka nako eo, mohatsa eena o ne a e-s’o robale; o ne a ntse etsa mabaka a hae.
“Mosali oa ka o ile a ntsosa a re ke tsohe re rapele, eaba kea tsoha kea apara ‘me ra rapela.” Lethole o qalile bopaki joalo.
O re ha ba ntse ba rapela, mofumahali o ile a mo bolella hore o utloile ntho e re ‘qhuu!’ marulelong a ntlo.
Ke moo a ileng a hloelisa monyako ‘me a bona lelakabe ‘meteng o neng o le monyako. O boetse a bolella lekhotla hore o ile a utloa monko oa peterole ha a hlahela kantle.
“Ke ile ka bula lemati ka khotla ‘mete o ntseng o tuka ka molamu oo ke neng ke o nkile ka o lahlela ka tlasa setupu.” Ke eena a tsoela-pele.

Lethole Makhetha, mora oa bafu o re ba ile ba phonyoha ba tsoa ka fenstere [Foto – Facebook]
Lentsoe leo o ile a le tseba e le la Mpho Thamae (moqosuoa oa borobeli). O re o ile a lemoha hore batho ba neng ba na le Mpho ba tla ho eena eaba o khutlela ka tlung a notlela monyako bona ba se ba le lebaleng.
“Ha ba fihla ntlong e ile eaba ha ba sa botsa; ba akhela marumo, ba pshatla lifenstere ka majoe, ke bone marumo a hlaba lemati. Re sa maketse, re bone ba tšela peterole fenstereng e pshatlehileng eaba lelakabe lea tlola la tšoara kharetene.
“Mollo oa namela betheng moo ngoana a neng a robetse teng, o bile oa namela marulelong eaba ntlo e ea cha.”
Ha a tsoela-pele o re nakong eo o ne a tšoere lemati hore batho bao ba se kene ka tlung athe mohatsa o ne a ntse a rapela a bile a ntse a rabaka ka tlung.
O re o ile a hoelehetsa ntate oa hae a re: “Ntate tlo re thuse re chella ka tlung!”
“Mofumahali oa ka o ile a nyarela fenstereng eaba o re ho ‘na: ‘Motho eo o ntseng o mo hoelehetsa ke eane o rapalletse fatše oa cha.
“Le ‘na ke ile ka nyarela monyako ka fela ka bona hore ntate oa ka o ntse a tuka. Ke moo ke ileng ka bona ho feta Tumelo Mafeisi (moqosuoa oa bone).
O re ha a bona ntat’ae a ntse a cha o ile a leka ho bula monyako empa mohatsa a mo hanela a ba mo hlola ka matla a mo tlosa lemating.
Khabareng ba ile ba phonyoha, ba tsoa kahara ntlo e tukang; ba tsoa ka fenstere e kamorao. Leha mohatsa oa hae e ne e le moimana le eena o ile a atleha ho hloella a monyoha ka fenstere ba baleha.
“Re ile ra matha ra baleha empa ra utloa mantsoe eaba rea ema ra mamela. Ke ile ka tšoara lentsoe la ‘Mamotebang Kele, ka utloa a re mollo ona ha o ka tima o tla o hotetsa ka letsoho.
“Ke boetse ka utloa lentsoe la ‘Mampho Thamae e leng matsale oa ‘Mabongi, ke ile ka boela ka ba bona kaha ho ne ho le khanya e hlahang ntlong e ntseng e cha.
“Re ile ra qetella re isoa sepetlele kaha re ne re chele. Eaba nkhono ‘Matumane le eena oa fihla sepetlele moo a thotse tjee a sa bue feela a tsamaea le bona bo-‘Mamotebang.
“Ha ke ntse ke le sepetlele ba ile ba mpolella hape hore ntate oa ka, ‘m’e oaka le khaitseli ke bafu, le hore matlo le makoloi a chesitsoe.” O fera bopaki joalo.
Paki e ‘ngoe, ‘Mampho Makhetha le eena o re o ne a robetse ka ntlong e ‘ngoe ha a utloa qhuu! O re ha a hloelisa lesobeng le monyako o ile a bona ntate oa hae a rapalletse foranteng a ntse a cha.
“Ke ile ka bona ‘m’e ‘Mathato a fafatsa ntate oa ka ka petorole; a na le bo-ntate ba babeli, ka bona ba hula ‘m’e ‘Mampho ba potela ka ntlo.

‘Mampho Makhetha o re o ile a bona ntate oa hae a rapalletse foranteng a tuka [Foto – Facebook]
“Eaba neng-neng ra bona koloi ea mapolesa ra theoha. Ha ke fihla lapeng ka fumana ngoaneso a rapalletse fatše a hlokahetse.” Ke eena a phethela bopaki ba hae.
Nyeoe e tsoela-pele.