KHANG EA NTATE STUNNA E MATHA MACHABENG
La 18 Tlhakubele 2023
Sebini sa Lesotho ebile e le letsoalloa la Ntlholohetsane, Mokhotlong, Ntate Stunna eo lebitso la hae la tsoalo e leng Thaabe Letsie ‘mino oa hae o ratoa haholo ke Basotho hammoho le Afrika Boroa ho ea thula Botswana. Setlabolane seo a ileng a se lokolla ngoahola se bitsoang Stimela, se behile sebini sena sa Ntlholohetsane ‘mapeng.

Ntate Stunna o thabisa batho, Thaba-Bosiu konsareteng ea Shorts & Shades
Ho sa le joalo, bekeng ena Ntate Stunna o thabile haholo kaha setlabolane sa hae se secha, Khang se ntse se matha lichateng tsa kanale ea YouTube ka katleho moo hajoale se shebelletsoeng ka makhetlo a likete tse mashome a mahlano le metso e robeli – 58 000 views ebile se lutse boemong ba mashome a mabeli le metso e supileng – #27 lichateng.
Setlabolaneng sena #KHANG Ntate Stunna o bina le sebini sa Lesotho, Wave Rhyder hammoho le Maleboo ho hlaha Limpopo. Mamela setlabolane sena mona: https://www.youtube.com/watch?v=EEv13lJQio0