‘MASHOLU’ A M57 MILONE EA LESOTHO A TŠOAROA FICKSBURG
Ka moqolotsi oa rona
La 28 Hlakola 2024
Basali ba babeli ba Afrika Boroa ba tšoeroe mabapi le bosholu ba M57 milone ea ‘muso oa Lesotho e ileng ea utsuoa ka bomenemene Bankeng e Kholo ea Lesotho ka selemo sa 2021. Baqosuoa ke Uthando Lorraine Modise (37) le Marcious Lerato Lisene (37) ‘me ba hlahile kapele ho ‘maseterata oa Ficksburg maobane. Ba qoselletsoa le k’hamphani ea bona e bitsoang Traggulogy (Pty) Ltd.
Tšoaro ea basali bana e tla kamora hore sepolesa sa Lesotho se kope thuso ho Lefapha la Litlolo tsa Molao tse Khethehileng Bloemfontein – Priority Crime Specialized Investigation (PCSI) – ho fuputsa hore chelete e ileng ea utsuoa Bankeng e Kholo ea Lesotho e ile ea kena lipolokelong tsa libanka tsa lik’hamphani life ka Afrika Boroa ‘’me motšoetšoe oa chelete eo o bonoe k’hamphaning ea baqosuoa – Traggulogy (Pty) Ltd.
Bobolu bona bo ile ba etsoa ka thuso ea bahlanka ba ‘muso oa Lesotho ba ileng ba khelosa chelete e neng e lokela ho lefa bafani ba litšebeletso ka Lesotho ba nepahetseng empa ba e khelosetsa ho ba jang le bona Afrika Boroa.
Koano Lesotho, baqosuoa bosholung ba chelete ena ba ile ba tšoaroa, ba hlaha khotla ba nt’o lokolloa ka beile ngoahola. Thepa e ‘ngoe eo ho belaelloang e rekiloe ka chelete ena ea bosholu e ile ea haptjoa ke Setsi sa Toantšo ea Bobolu le Bomenemene Lesotho (Directorate on Corruption and Economic Offence – DCEO le sepolesa.
Baqosuoa Modise le Lisene ba tla hlaha khotla hape ka la 13 Tlhakubele 2024 moo ba tla ikopela beile.