MOPARAMENTE OA SR O ITOKOLLA PARAMENTENG
Ka moqolotsi oa rona
La 20 Mphalane 2023
Setho sa paramente sa khekhethane ho hlaha mokheng oa Socialist Revolutionaries (SR), ‘Mamarame Palesa Matela o itokollotse kajeno e le setho sa ntlo ea bakhethoa. Lengolo la boitokollo le baliloeng ke motsamaisi oa ntlo ea bakhethoa, Tlohang Sekhamane le baleha joana:
“Mohlomphehi Motsamaisi oa Ntlo ea Bakhethoa, ke u tsebisa mona ka masoabi a maholo boitokollo ba ka ke le setho sa paramente ea leshome le metso o le mong ea Lesotho. Ke lakatsa ho tataisoa ke ofisi ea heno ka methati e meng eo ke lokelang ho e latela hore boitokollo ba ka bo phethahale ka nepo.

Teboho Mojapela o re o qala ho utloa boitokollo ba Matela
“Ke leboha ho menahane thuto eo ke e fumaneng ho tsoa ofising ea heno hammoho le litho tsa ntlo ena ho tloha ngoahola.” Le baleha joalo lengolo la boitokollo.
Ho sa le joalo menyenyetsi e supa ha boitokollo ba Matela bo bakiloe ke ho lumela lefereho ho tsoa ho ba ‘muso. Eka mohlomphehi o tšepisitsoe ho fuoa mosebetsi oa ho emela Lesotho machabeng.
Ho sa le joalo, moetapele oa SR, Teboho Mojapela kamora ho baloa hoa lengolo ka paramenteng o bontšitse a qala ho utloa hore mphato oa hae o itokollotse. Ho sa le joalo, ho ea ka lenane la khekhethane leo SR e le romeletseng paramenteng, setho se lokelang ho nka setulo sa Matela ke Chabasele Mabusela, ‘me eena ke setho sa Movement for Economic Change.
Mabusela o hlaha lenaneng la khekhethane e le setho sa boraro ho latela tumellano e ileng ea fihleloa ke mekha ea SR le MEC hore lebatooeng la Matelile litho tsa SR li khethe MEC. Mabusela kamora ho hlapants’oa e le moparamente o tlalehoa a tla ts’ehetsa ‘muso.