MESUOE-HLOOHO E TŠOSA LETONA LA THUTO
Ka moqolotsi oa rona
La 3 Pherekhong 2024
Matichere a 102 ao esale a tšoara molepo e le mesuoe-hlooho likolong tsa mathomo ho tloha ka selemo sa 2007 a ngolletse letona la thuto, Prof. Ntoi Rapapa a mo tšosa ka ho mo hulanya majoeng.
Leqoetha la matichere ao, Adv. Fusi Sehapi o ngolletse Prof. Rapapa a mo hopotsa hore boemeli ba matichere bo kopane le ‘muso ka la 12 Tšitoe 2023 moo ‘muso o itlammeng ho lefa mekoloto ea meputso ea mesuoe-hlooho eo esale e tšoara molepo ho tloha ka 2007.
Pejana Adv. Fusi Sehapi o ile a ngolla Prof. Rapapa a mo hlokomelisa hore matichere a amehang a sebelitse ka matla ho holisa thuto ea Lesotho kaha esale a sebetsa likolong tsa mathomo a tšoere mokobobo.
Khang ea Sehapi ke hore babuelloa ba hae ba lokela ho tiisoa e le mesuoe-hlooho moshoelella kaha ba tšoere molepo nako e telele haholo – lilemo tse 16 kaofela.
Leha ho le joalo, Prof. Rapapa a bua koranteng ea Lesotho Times ngoahola o hanane le taba eo ka le reng, likheo tsa bao li tlil’o bapatsoa; li be li tlatsoe kaha ha ho molao o supang ha motho ea sebelitseng nako e telele a tšoere mokobo-bobo a lokeloa ho fuoa mosebetsi joalo feela – ‘legitimate expectation to be automatically employed.’
Rapapa o lomahanya meno hore lekala la habo le mothating oa ho hira mesuoe-hlooho ka makhabane ho tlatsa likheo tseo esale balli ba tšoara molepo ho tsona.
Lengolong la Adv. Sehapi la la 23 Tšitoe 2023, o re h’a lumellane le qeto ea letona kaha matichere a lumela hore qeto eo e fosahetse ea ho se ba kokotelle e le mesuoe-hlooho moshoelella.
“Lehlakore la mesuoe-hlooho e tšoereng molepo ke lena: ‘Ke taba e tsebahalang hore melaong ea matichere ha ho molao o supang ha ba sebelitseng nako e telele ba lokela ho tiisoa ka ho fuoa mosebetsi oa mokobobo moshoelella. Taba ke hore leha molao ona o sa ngoloa, feela ke molao o sebetsang o sa ngoloa. Oa fosa ha u re matichere ana h’a tšoara mokobobo nako e telele. A ne a ntse a nchafalletsoa nako ea mokobobo selemo le selomo.
“‘Nete ke hore kamor’a nchafatso e ‘ngoe le e ‘ngoe, mesuoe-hlooho e tšoereng molepo e ne e sa qale mosebetsi qalong empa e ne e ntšetsa-pele tšebetso. Ka ho etsa joalo, matichere a ne a matlafala tsebong le ho ichorisa mosebetsing oa ‘ona.” Lengolo le rialo.
Adv. Sehapi o tsoela-pele ho hlokomelisa letona hore molao oa motheo temaneng ea 4 le 5, o lumella khethollo e molemo ka hore mesuoe-hlooho e tšoereng mokobobo nako e telele e lokela ho fuoa monyetla oa pele oa ho hiroa kaha e sebelitse nako e telele.
“Sena se lokela ho etsoa ho a phetsa meokho hape e le teboho ekasitana le ho koahela bobe bo entsoeng ho bona ba ho se lefshoe nako e telele.
“Ho hlakile hore matichere a sebelitseng nako e telele tjena a na le mesehlelo ea boiphihlelo bo nonneng ‘me ho lokela ho shejoa ‘ona pele ha ho hiroa.
“Ha re phethela, re u eletsa ho hira matichere ao e le mesuoe-hlooho ea moshoelella empa haeba u sa etse joalo kahara matsatsi a 15, matichere a tlo u khikhithisa makhotleng a u qose ‘me ho tlo senyeha ke likhafa tsa sechaba.” Lengola la Adv. Sehapi le felella joalo.