LCE E LELEKA MOOKAMELI
Ka moqolotsi oa rona
La 18 Hlakola 2024
Lekhotla le Tsamaisang Koleche ea Botichere (Lesotho College of Education – LCE) le lokollotse phatlalatso ho tlaleha teleko ea mookameli oa Sekolo seo, Dr. John Dzimba.
Lekhotla le laolang LCE le ile la behella Dzimba ka thoko ho mosebetsi ho tloha ka la 12 Phupu 2023 ka le reng le sa mo fuputsa malebana le qoso ea hore o ile a tlola melaoana ea boitšoaro e tsamaisang sekolo.
Phatlalatso ea teleko ea hae e baleha joana: “Basebetsi bohle ba tsebisoa hore Lekhotla le Tsamaisang LCE tulong e ikhethang ea lona ka la 31 Pherekhong 2024, le nkile qeto ea ho leleka mookameli Dr. John Dzimba. Sena Lekhotla le se entse le ipapisitse le tulo ea khalemo nyeoeng eo Dr. John Dzimba a fumanoeng a le molato oa boitšoaro bo bobe. Kahona re etsa qeto ea ho khaola khiro ea hae ho tloha ka la 7 Hlakola 2024.
Ho sa le joalo Leihlo la Basotho le buisane le ea tšoereng molepo e le mookameli oa LCE, Dr. Dr. Moeketsi Letele ho mo kopa hore a hlalose mabaka a teleko ea Dzimba.
Letele o tiisitse hore ke ’nete Dr. Dzimba o tebetsoe empa a re o tla sitoa ho lokolisa mabaka a susumelitseng teleko ea Dzimba ka botebo. “Litaba tsa teleko ea ntate Dzimba ke litaba tseo ke tla sitoa ho fana ka tsona ka botebo hobane ke litaba tsa Lekhotla le tsamaisang sekolo e leng bahiri ba ntate Dzimba. ’Na ha ke na matla a ho bua ka tsona kaha ke litaba tse amanang le boitšoaro.” Dr. Letele o rialo.
Pejana Leihlo la Basotho le ile la bua le molula-setulo oa Lekhotla le tsamaisang LCE, Mofumahali Keratile Thabana ea ileng a re mabaka a teleko ea Dr. Dzimba a ka hlalosoa ke ea fuoeng matla a ho etsa joalo tsamaisong ea LCE.