‘MELAELLOA POLAONG EA JOKI O HANELOA KA BEILE
Ka Moipone Makhemengย
La 27 Loetse 2023
Moabi Sesioana (32) ‘melaelloa oa bone polaong ea Ralikonelo โLeqhashashaโ Joki o bile lekhotleng le phahameng kajeno ka pele ho moahloli Mabatsโoeneng Hlaele ho mamela kahlolo ea kopo ea ho lokolloa ka beile. ย
Moahloli Hlaele o qheletse kopo ena ka thoko ka le reng moqosuoa o hlotsoe ho kholisa lekhotla kapa ho thesela maikutlo a hore ha a tsโepahale. Hlaele o supile Sesioana a le kotsi ‘me a ka tsโoana a baleha ha a ka lokolloa ka beile.ย
โKopo e hloleha ho kholisa lekhotla hore ho na le maemo a ikhethang ao mokopi a ka lokolloang ka beile ka ‘ona. Ke boetse ke fumane hore lintlha joalokaha li hlaha boipelaetsong bo ka pelak’a, hape le litlhaloso tsa molomo tse hlahang ho ‘muelli, mokopi o bitsoa “flight riskโ. Lekhotla le tsโoha hore o tla baleha ebe o sitoa ho ba teng ho emela nyeoe. Ka lebaka lena lekhotla le hana ka beile.โ Moahloli Hlaele o hlalosa jaolo.
Ho feta mona, Hlaele o phethetse ka ho bonts’a hore lekhotla le hanela moqosuoa ka beile ka mohopolo le ts’epo ea hore o tla hlaha lekhotleng ka nako ha nyeoe e tsoela-pele.
Mofu Ralikonelo Joki, ea neng a sebetsa seea-le-moeeng sa Ts’enolo FM, o ne a timele ka la 14 Mots’eanong 2023, kamora ho fafatsoa ka lethala la likulo bosiung ba letsatsi le boletsoeng a le hekeng ea jarete ea Ts’enolo FM hang hoba a theohe khaso a se a palame koloi ea hae ho leba lapeng.
Baqosuoa ba bang nyeoeng ena ke Mothusi Tlelase (31), Sootho Liphoto (35) leย Phakoe (35).ย