LTV E MATJALENG
Ka Moipone Makhemeng
La 3 Phuptjane 2023
Lekhotleng le Phahameng, Maseru ka Labone la 1 Phuptjane 2023 kapele ho moahloli Keketso Moahloli, ho hlahile mofumahali ‘Maliteboho Lefeta mookameli oa mananeo, seea-le-moeeng-pono sa sechaba (LTV) nyeoeng eo ‘Maseterata oa Maseru, Senegal Qobolo a qosang LTV ka tšenyo ea lebitso.
Ka selemo sa 2017 molli o re LTV ka lenaneo la eona la Rea Ribolla e mo sentse lebitso ka litaba tse se nang motheo tse ileng tsa hlahella lenaneong leo. Mona ke moo LTV e neng e leka ho rarolla bothata ba e mong, monghali Matšaseng ea ileng a bua lenaneong ka hore ‘Maseterata Qobolo o bolile.
‘Muelli oa ‘melaeli, Adv. Khoete Metsing, o behile ho mofumahali Lefeta hore ‘muelloa oa hae o re lenaneo la Rea Ribolla le mo tlotlollotse ekasitana le ho mo pepesa ‘me a ikutloa a fokola. O ile a bontša hore ke lenaneong lena moo ‘muelloa a ileng a rehoa mabitso-bitso a kenyeletsang hore ke mokhosheli hape ke ‘maseterata oa sebolu.
Ho feta mona, Adv. Metsing o ile a botsa Lefeta hore na joaloka mookameli oa mananeo, na ba etsa lipatlisiso ka litaba tseo ba li fumanang pele ba li phatlalatsa. Metsing o ile a botsa Lefeta hore na ba netefatsa hore mahlakore ‘ohle a hlahellang litabeng a atameloa le ho fuoa monyetla oa ho fana ka mahlakore tabeng.

Mofumahali ‘Maliteboho Lefeta, mookameli oa mananeo LTV [Foto- YouTube
O tekile hore molli o ile a fuoa monyetla oa ho fana ka lehlakore la hae pele ho khaso ea lenaneo la pele empa a sitoa ho fana ka lona. Ke moo ba boetseng ba lumellana le eena hore khasong ea bobeli ea lenaneo, Qobolo o tla fuoa monyetla ho fana ka lehlakore la hae.
Adv. Metsing o ile a boela a botsa hore na joalokaha litaba tseo monghali Matšaseng a faneng ka tsona lenaneong li ile tsa feta makhotleng, na paki le basebetsi-‘moho ba ile ba botsa makhotleng e le ho netefatsa litaba tseo empa karabo e ile ea ba ho re ‘che’.
Leha ho le joalo, mofumahali Lefeta ha a hlalosa lenaneo la hae o bontšitse hore ke khaso e sebetsang ka ponaletso ho hlahisa mahlakore ‘ohle a amehang. A bontša hore bona e le baphatlalatsi ba litaba, ba ile ba mamela sello sa Matšaseng e le ho fumana tharollo litabeng tsa hae le hoja ba sa ka ba e fumana.
Lefeta o itse sello sa hae ba ile ba se mamela joalokaha sesotho se hlalosa hore molli ha a thijoe mahlo.
Qetellong Adv. Metsing o bontšitse hore pele khaso e ka ba moeeng, ho ba le khatiso le lethathamo la lenaneo (script). A toboketsa hore paki e ile ea ba le monyetla oa ho bona litaba tseo pele li ka hasoa, ka hona o nka paki le moifo oa hae ba bile bohlasoa le ho ho hloka tsotello ka ho tsoela-pele ho hasetsa sechaba litaba tse sentseng ‘muelloa oa hae.
Nyeoe e tla tsoela-pele ka la 8 Phupu 2023.