LEKHOTLA LE HLAKOLA SAMANE EA TŠOARO EA MACHESETSA
Ka Moipone Makhemeng
La 8 Pulungoana 2023
Lekhotla la Bosebetsi maobane le hlakotse samane ea tšoaro ea setho sa paramente ebile e le moetapele oa Basotho National Party (BNP), Machesetsa Mofomobe.
Lekhotla la Bosebetsi le ile la fana ka samane likhoeling tse fetileng le bitsetsa Mofomobe lekhotleng empa a hloloa ho itlhahisa khotla. Ha maemo a le tjena, lekhotla le llile ka hore Mofomobe o nyelisitse lekhotla ‘me ka Mantaha le ile la ntša samane e laelang sepolesa hore a tšoaroe.
Litaba tsena li kolla tsekisanong ea mongoli e moholo oa mehleng oa BNP, Tšepo Lethobane moo a neng a tseka hore BNP e mo lefe lichelete tsa matsatsi a lifi tseo e neng e mo kolota. O ne a bile a lla ka hore teleko ea hae ho BNP e ne e se molaong.

Ts’epo Lethobane
Lethobane o ile a atamela Lefapha la Tsamaiso ea Thibelo ea Likhohlano le Tharollo (The Directorate of Dispute Prevention and Resolution – DDPR) a tseka hore BNP e mo lefe karolo ea moputso o sa kang oa lefshoa ho eena. O boetse o ne a batla hore BNP e mo lefe chelete kamora ho mo leleka (severence pay).
Ho lelekoa hoa hae ebile karolo ea likotlo tse ileng tsa khothaletsoa ke komiti e kholo ea BNP.
Kamora moo, BNP ka la 25 ‘Mesa 2023 e ile ea ritela nyeoe ea botlokotsebe lekhotleng la ‘Maseterata Maseru khahlanong le Lethobane. BNP e ne e re Lethobane h’a tšepahale kaha M105,505.00.0 e neng e le boliseng ba hae e ile ea tlalehoa e sebelisitsoe hampe ke eena ka ho hloka botšepehi.
Mahlakore a ile a buisana ka tharollo e ileng ea reroa ka la 3 Mphalane 2022, ‘me kahlolo e ile ea nyahlatsoa ka lebaka la litumellano tse latelang:
Ea pele, tefo ea ho arohana le Lethobane e tla lefshoa ka boleng ba M18, 000.00. Ea bobeli e bile hore Lethobane a hule nyeoe malebana le matsatsi a kolotoang ho eena.
Taba ea ho qetela ebile hore chelete e kaalo ka M 105,505.00 eo ho neng ho thoe e sebelisitsoe hampe ke Lethobane e huloa ho molato oa kahlolo. Lipampiri tsa lekhotla li supa joalo.
Ho sa le joalo, litokomane li bontša ha Mofomobe a patetse chelete eo BNP e neng e kolota Lethobane ka tsela eo lekhotla le laetseng ka teng ‘me tefo ea ho qetela e phethetsoe ka la 14 Loetse 2023.
Mofomobe o tla hlaha khotla ka la 15 Pulungoana 2023.