KAMOLI LE BO-METSING BA BALLOA LIQOSO TSE LESHOME
β¦ BA RE HA BA NA MOLATO
La 29 MotΕ‘eanong 2023
Molaoli oa mehleng oa Sesole, Lieutenant General Tlali Kamoli le baqosuoa ba bang ba bahlano ka tatellano; Litekanyo Nyakane, Motloheloa Ntsane, Leutsoa Motsieloa, Mothetjoa Metsing le Selibe Mochoboroane ba hlahile Lekhotleng le Phahameng ka pele ho Moahloli βMaliepollo Makhetha ba qosoa ka liqoso tse leshome; ea teko ea ho liha ‘muso oa tona-kholo ea mehleng Tom Thabane ka la 30 Phato 2014 le tse ling tse robong.
Bochochisi bo hlalositse hore baqosuoa Tefo Hashatsi le Bulane Sechele e se e le bafu athe moqosuoa Tumo Lekhooa esale a baleha ha a lokela ho tΕ‘oaroa.
Baqosuoa ba ile ba balloa liqoso tse leshome ‘me ba botsoa ka bonngoe hore ba utloisisa liqoso tseo ‘me kaofela ba ipoletse ba li utloisisa. Moahloli Makhetha o ile a ba botsa hore na ba molato kapa che liqosong tse latelang empa kaofela ba ipoletse ba se molato.
Bochochisi bo re baqosuoa ba sebelitse ‘moho le ka maikemisetso liqosong tsena:
Qoso ea pele, ke teko ea ho liha ‘muso ka la 30 Phato 2014. Qoso ea bobeli ke hore ba bakile lefu la Sub Inspector Mokheseng Ramohloko; ba mo lematsa ka ho mo thunya seropeng sa leoto le letΕ‘ehali ka lithunya ka la 30 Phato 2014 ‘me o ile a timela.
Qosong ea boraro ba qosoa ka teko ea polao ea lepolesa Letsekang Mothibeli, ka ho mo thunya ka letsatsi le tΕ‘oanang. Qosong ea bone ho qosoa Tlali Kamoli, Litekanyo Nyakane, Mothetjoa Metsing le Selibe Mochoboroane ka hore ka la 30 Phato 2014 ba le pela Naleli Centre, ba ile ba thunya Police Constable Moeketsi a lemala. Bochochisi bo re baqosuoa ba ile ba leketlisa bophelo ba lepolesa lena ka ho mo bakela likotsi.
Qosong ea bohlano, baqosuoa bohle ba qosoa ka ho lematsa Sergeant Mahanetsa ka ho mo khakhatha ka likutu tsa lithunya le ho mo terapa ka maoto. Qosong ea botΕ‘elela baqosuoa bohle ba qosoa ka ho lematsa setho sa sepolesa Thabisa Kopa ba mo khakhatha ka litebele, melamu, le likutu tsa sethunya.
Qosong ea bosupa ba qosoa kaofela ka ho khakhatha Lance Sergeant Thamae, ba mo raha ka lieta le ho mo khakhatha ka likutu tsa lithunya. Qosong ea borobeli, baqosuoa bohle ba qosoa ka ho khakhatha le ho lematsa Constable Mokete Litulo, ba mo khakhatha ‘mele kaofela le ho mo khitla ka likutu tsa lithunya a lemala.
Qosong ea borobong ba qosoa ka ho khakhatha Police Constable βMone, ka ho mo khakhatha ka likutu tsa lithunya le ho mo raha ka lieta. Qosong ea leshome ho qosoa Tlali Kamoli, Litekanyo Nyakane, Mothetjoa Metsing le Selibe Mochoboroane ka ho lematsa Sub Inspector Joel ka ho mo khakhatha le ho mo ntΕ‘a likotsi.
Mochochisi Shaun Abrahams o ile a lokolisa liketsahalo tsa la 30 Phato 2014 oo a bontΕ‘itseng hore moqosuoa oa botΕ‘elela, Mochoboroane o ile a laela hore liea-le-moea li tingoe kaofela e le hore ba ntΕ‘etse-pele merero ea bona ea letsatsi leo.
Moqosuoa Tlali Kamoli le Mothetjoa Metsing ba tlalehoa ke bochochisi ba ile ba laela hore tona-kholo ea mehleng, Tom Thabane a se lumelloe ho tsoa State House empa ka thuso ea morali oa hae le ba bang, Thabane o ile a atleha ho baleha moo State House a phutla Mohokare ka lifuba a il’o kopa botΕ‘abeli Afrika Boroa.
Abrahams o boetse a hlalosa hore bosiung boo ba la 30 Phato 2014, litho tsa sesole li sebetsa le moqosuoa oa bohlano le oa botΕ‘elela ba ile ba hlasela ntlo-kholo ea sepolesa ka sepheo sa ho ea amoha mapolesa lithunya e moo ba ileng ba thunya le ho bolaea Sub-Inspector Mokheseng Ramahloko ekasitana le ho lematsa mapolesa a mang a hlahang lethathamong la liqoso. O boetse a hlalosa hore ba ile ba hlasela lapeng ha Brigadier Maaparanke Mahao.
Bochochisi bo ile ba bitsa paki ea mofapa-hlooho, Tanki Mothae ho fana ka bopaki. Nyeoe e tsoela-pele hosane.