Ka motlalehi oa rona
La 26 ’Mesa 2023
“IEC e bolile, ha e na boiphihlelo.” Ana ke mantsoe a litho tsa komiti ea Democratic Congress (DC) ‘mokeng oa baqolotsi ba litaba maobane. Ke hona ‘mokeng ona moo phala ea lekhotla lena, Serialong Qoo a itseng ba tlo tšohla litlha tse ‘maloa. Hara tse ling ke ho pepesa bofokoli ba tona-kholo Sam Matekane le ‘muso oa hae. O boetse a khobotla ka matla mabaka a tlo susumetsa DC ho se be le seabo likhethong tse tlang tsa puso ea libaka.
Qoo o ile a qala seboka ka ho leboha litho tsa DC tseo a reng li bontša boitlhompho ha li araba litaba tsa lekhotla liea-le-moeeng le marangrang a sechaba. O ile a leboha komiti ea mafumahali ka ho hlophisa mokete oa letsatsi la tsoalo la moeta-pele Mathibeli Mokhothu le moetapele oa mehleng, Pakalitha Mosisili o ileng oa tšoareloa Pitso-Ground ka la 31 Tlhakubele 2023. O ile a babatsa tlhophiso ea moekete oo a re e ne e le oa maemo a holimo.
Seboholi se tsetse-pele sa bua ka matla ka ho pepesa bofokoli ba tona-kholo Sam Matekane a re o ne a sa suptjoa ka sethunya ha a hlomamisoa ka Setsoto Stadium. “O itse o tlo hlahisa mesebetsi a late Basotho Afrika Boroa ba tlo sebetsa hae empa ha ho letho le etsahalang. O itse ba tlo phatlalatsa maruo empa ha ho e-s’o etsahale letho. Lipolaeano le bosholu kahara naha li phahame ho feta. Empa eena mohlomphehi o ne a re seo e tlo ba pale ea maobane. O ne a re o fa sepolesa seroala-nkhona empa litlolo tsa molao li holimo, ke mo fa lehe le nang le malinayane tabeng tsena.”
Qoo o bile tlepa tonakholo Matekane litšeho a re o tšepisitse basebetsi ba lifeme moputso oa M4000. A re o ne a ba tšepisitse libese tsa mahala tse ba isang mosebetsing ekasitana le ho ba ahela matlo. “Na li se li etsahetse lintho tseo?” Ho botsa Qoo.

Libini tsa DC
Leha ‘muso o mocha o ile oa bolelisa hore ha ho chelete eo ba e fumaneng, empa Qoo o re ba ‘muso esale ba senya chelete ba nka maeto a tsoelang ka ntle. O re e ne e le thetso hore chelete ha e eo. Mohlolo-taba o mong oo Qoo a buileng ka oona ke hore ‘muso o litulong o qabetsoe kaha o sitoa ho lefa basebetsi ba ‘muso ka nako.
Monghali Qoo o bile a tšoela ka mathe ketso ea ‘muso ho qotsula setšoantšo sa molao oa likhetho o thibelang maparamente ho tšelela mekheng e meng. A re ba ipotsa hore na hobaneng ‘muso o qolla setšoantšo seo sa molao kahara melao e neng e tlo fetoloa ea lirifomo. A re taba ena ke semaka hoba ea tekileng setšoantšo sa molao ke moahloli oa mehleng e moholo, Nthomeng Majara. “Motho ea entseng molao ke eena ea fosisang maparamente ho tlola molao.” Ho makala Qoo. O ipilelitse hore mohlomphehi Majara a thijoe esale nako.
Qoo o bile a phaphatha moeta-pele oa bohanyetsi paramenteng, Mathibeli Mokhothu a re o tšoere hantle haholo.
“Leha ho le joalo, re ba maketse haholo ke boitšoaro ba Komisi e Ikemetseng ea Likhetho kaha e bakile likhetho tse bolutu. “Qalong feela re ile Ra tletleba ka tšeho e ncha ea mabatooa. Batho ba sitiloe hO khetha hoba mabitso a bona a ne a sa hlahe mo ba neng ba lokela ho khethela teng ka lebaka la bohlasoa ba IEC. Taba ene DC e ile ea e tšoela ka mathe esale pele.” Ke eena a tsoela-pele.
“Li tšoeroe likhetho sephetho sa phatlalatsoa machaba a thoholetsa tšebetso ea IEC empa kamora beke tse peli feela IEC ea bitsa moetapele oa DC ea fihla ea mo joetsa hore e entse phoso kabong ea litulo tsa khekhethane. Joale ra qetelletse re fumana lisamane IEC e re e abile litulo ka boboli e fositse. Ke mona re qetella re hlotsoe ke nyeoe ke IEC. Hantle ha re sa tseba hore na joale batho ba nepahetseng ba lokelang ho tsamaisa likhetho ke bo-mang.” Qoo o rialo.
O bile a phethela ka hore esale ba ntse ba lisitse mosebetsi oa IEC kaha e le DC ba ile ba supa liphoso thekong ea lipampiri tsa ho khetha Durban empa IEC ea hana ho fana ka litokomane le litlaleho tsa hore na ho latetsoe methati e nepahetseng.
“Ha re sa batla hore IEC ena e teng e etelle-pele likhetho tsena tse tlang tsa puso ea libaka. Re lokela ho suthumetsa IEC ena e bolile. Likhetho ke ntho ea bohlokoa haholo hoba li ka chesa naha ha liphoso li ba teng.” Ke Qoo a bile a tšosa ka hore haeba botsamaisi ba IEC bo ke keng ba tlosoa bona e le DC ba tlo ngala likhetho tsa puso ea libaka.
“U s’o ka nahana hore na hoja ho ne ho khepholoa litulo ho mekha e bopileng ’muso e le hore IEC e ne e tlo liha ’muso ka ho fokotsa lipalo tsa ’muso? Ke ka moo ba leng bohlasoa ka teng batho bana ba IEC e sa itekanelang.” Ao ke mantsoe a motlatsi oa seboholi, Moeketsi Shale.