BNP E MENGOA SEBOKENG SA BRICS RSA
Ka Moipone Makhemeng
La 15 Phupu 2023
Moetapele oa mokha oa Manashenale (Basotho National Party – BNP), Machesetsa Mofomobe o menngoe ke mokha o busang Afrika Boroa – African National Congress (ANC) ho ea ba le seabo sebokeng se seholo sa setlamo sa linaha tsa Brazil, Russia, India, China le South Africa (BRICS) se tla tšoaroa ke ‘muso oa Afrika Boroa ka la 18 ho isa la 20 Phupu 2023, Gauteng.
“Mokha oa African National Congress o isa litumeliso ho litho tsohle tsa BNP ekasitana le sechaba sa Basotho ka moka. Afrika Boroa e tlil’o tšoara seboka sa BRICS sa 2023. E le karolo ea matšohlo sebokeng sena, African National Congress le eona e tla boela e tšoare seboka sa mekha ea lipolotiki (BRICS Political Parties Plus Dialogue) ho tloha ka la 18 ho isa la 20 Phupu 2023. Mohoo oa selemo sena e tla ba “BRICS and Africa: Partnership for Mutually Accelerated Growth, Sustainable Development, and Inclusive Multilateralism.” Karolo ea lengolo la ANC le ngotsoeng ke mongoli-kakaretso, Fikile Mbalula e baleha joalo.
Lengolo le tsoela pele ho tsebisa monghali Mofomobe hore ANC ke eona e tla tšoara seboka sa mekha ea lipolotiki ‘me BNP e ea mengoa. Ho ea ka lengolo, seboka sa BRICS sa lipolotiki se tla tšoareloa Birchwood Hotel, Boksburg, Gauteng.
“Re kopa hore BNP e romele barumuoa ba sa feteng peli ho tla ba le seabo ‘mokeng ona. Litjeo tse latelang li tla lefelloa ke ANC; boroko ba barumuoa le lijo tsa hoseng. Hlokomela hore ANC e ke ke ea lefella bolulo haeba barumuoa ba sa robale Birchwood Hotel. Bakeng sa ho fihla koano, re kopa BNP e jare litjeo tsa leeto. Re le ANC re tla thusetsa ka koloi e tla lata barumuoa boema-fofane ba OR Tambo ho ba isa sebakeng sa seboka.” Ke lengolo la ANC.
Ho sa le joalo, Leihlo la Basotho le nontse monghali Mofomobe maikutlo mabapi le memo ena.
“Sebokeng sena ke moo mekha ea lipolotiki e nang le maikutlo a tšoanang joaloka ANC le lefatše ka moka e tla kopana teng. Sebokeng sa mofuta ona ho tšohloa lintlha tse ngata joaloka litumellano tsa machaba, litaba tsa khotso le tšireletso lefatšeng, le tse ling.” Oa hlalosa.
Mofomobe o boetse o lumela hore ho tla tšohloa qaka ea ntoa e ntseng e tsoela-pele lipakeng tsa Ukraine le Russia.
O bile a hlalosa tsa maqhama a bona le ANC: “Re bile le maqhama le ANC khale haholo; linakong tse thata (tsa khethollo ea ’mala) litho tsa ANC li ne li balehe Afrika Boroa, eaba li fuoa botšabeli Lesotho mona. Ba ile ba hlokomeloa ke ‘muso, oa ba oa ba patalla le sekolo.
“U tla hopola hore ka 2007 mopresitente oa Afrika Boroa Thabo Mbheki o ile a fa moeta-pele oa mehleng oa BNP, Dr. Leabua Jonathan khau e bitsoang the Companions of OR Tambo in Gold mane Gauteng. O mo abetse eona a se ntse a hlokahetse – ha e le joalo e bitsoa posthumously.” O rialo moeta-pele oa Manasi.
O phethetse ka ho bontša hore Lesotho le Russia li thehile setsoalle khale ’me a re Russia e ile ea bula ntlo ea boemeli Lesotho mona ka 1983.
“Le rona re le BNP re na le likamano le mokha o busang naheng eo e leng Russia United Party.” O menyeletsa maritsa joalo.