BARA BA MAFISA BA TORONKELA POLAO
Ka Moipone Makhemeng
Baqosuoa ba babeli, Sechaba Mafisa le moholoane oa hae Motobetsane Mafisa, ba Hlotse, Leribe, ba neng ba qosoa ka polao ea Teboho Motlotlo oa motseng o tลกoanang ba lihelletsoe kahlolo kajeno keย moahloli Tลกeliso Mokoko oa Lekhotla le Phahameng, Maseru. Ketsahalo ea polao e bile ka la 25 โMesa 2019.
Moahloli Mokoko ha a bala kahlolo o hlalositse ha mofapa-hlooho o kholisitse lekhotla ntle le qea-qeo hore tlolo ea molao ea polao ea mofu nyeoeng ena, e entsoe ka maikemisetso ke baqosuoa. A tsoela-pele ka ho bontลกa hore mapaki a tekiloeng ke paki ea pele le ea bobeli, a supa ha moqosuoa Sechaba Mafisa a bonoe a nkile sabole moo paki ea pele e reng e bone ka mahlo ha eo a phekha mofu ka sabole ha ea bobeli e itse e ‘mone feela a e tลกoere. Ka hona mohlomphehi Mokoko o re lekhotla le kholisehile hore efeela moqosuoa a sebelisitse sabole ho bolaea mofu.
Ha a tsoela-pele, o bontลกitse hore ho latela mapaki a tekiloeng lekhotla le ithutile hore ntoa ea Sechaba le mofu e ne e se e felile kaha bobeli baqosuoa ba ile ba fihla ha paki ea boraro ea mofapa-hlooho moo ba ileng ba hlalosa hore ba ntse ba batla mofu kaha a khenotse Sechaba ‘me ba ithorisa ka hore moo ba tla mo fumana ba tlil’o โmolaea.
A bontลกa hore sena ke sesupo sa hore mofu o ne a se na kotsi ho hang o ne a se na le boitoanelo joalokaha Motobetsane a ile a bontลกa hore ba ile ba mo siea moo a lutse fatลกe. U ka bala likateng tse ling tsa nyeoe le mapaki a pele mona:ย https://t.ly/cpRbย
Ha a tsoela-pele mohlomphehi Mokoko o hlalositse hore ketso ea boitลกireletso o e lahlela matjoing kaha le bopaki ba ngaka mabapi le moqosuoa bo bontลกitse mofu a ne a se kotsi ho moqosuoa joalokaha bo totobetse hore ha ho na likotsi tse ling tse fumanoeng ho moqosuoa ha e se tseo tse molomong feela joalokaha a khenohile meno.
Ha a kopela babuelloa ba hae pebofatso ea kotlo Adv. Selloane Fihlo, o itse nakong eo baqosuoa ba neng ba etsa tlolo e boletsoeng ea molao, Motobetsane o ne a le monyane lilemong kaha a ne a le lilemo li 19 ‘me maikutlo a hae a ne a le tlas’a leru la khalefo a sitoa ho e laola. A re ha e le Sechaba o ne a le tlasโa khatello ea tai ‘me kelello ea hae e ne e sa sebetse hantle. A re sena se ka bonoa moo a neng a thijoa ka makhetlo ha a re o ilโo loana empa a ntse a tsoela-pele ho itamolla. Ho feta mona, o bontลกitse ha e le lekhetlo la bona la pele ba etsa tlolo ea molao.
Leha ho le joalo, akhente ea mofapa-hlooho Adv. Sentle Rathebe o ile a eletsa moahloli ho fana ka kotlo e boima e le ho romella molaetsa ho sechaba hore tlolo ea molao ea polao ke botlokotsebe bo ka sehloohong ka hona e se tlolisoe mahlo holimo. A toboketsa hore linyeoe tsa lipolao li jele setsi ka hona molaetsa o lokela o fetisoe. Ha a fera o bontลกitse moahloli hore baqosuoa ba bolaile mofu ka sehloho ba mo siisa mohatsโae le ngoana.
Khabareng kamora ho nka khefutso e nyenyane, mohlomphehi Mokoko o ile a balla baqosuoa kotlo ea bona moo a ileng a ba bolella hore o ithutile hore esale ba sebelisana ‘moho le lekhotla nyeoeng ena, ebile mofu le moqosuoa e ne le metsoalle a sa tlolise mahlo taba ea hore e mong Motobetsane eena o ne a le monyane lilemong.ย A re leha ho le joalo, bophelo ba motho bo bohlokoa ‘me toka e lokela ho ajoa. Ke moo a ileng a ba ahlola lilemo tse leshome (10) chankaneng ba sa fueoe monyetla oa ho itefella โme a ba a laela hore beile ea bona e hlakoloe hang-hang eaba ba theola ka banneng.