BAITHUTI BA LCE BA KENA SETERAEKENG
Ka Moipone Makhemeng
La 18 Tlhakubele 2024
Li ile tsa ema ka lijoko kajeno Sekolong sa Koetliso ea Botichere, Maseru (Lesotho College of Education – LCE) ha baithuti ba kena boipelaetsong.
Baithuti ba re ba khahlanong le nyollo ea litefiso tsa thuto tseo sekolo se reng ba lokela ho itefella kaha setsi sa lihlapiso, National Manpower Development Secretariat (NMDS) se hana ho lefa mokitlane oa bona. Ho hlalosa e mong oa Lekhotla la Baithuti (Student Representative Council – SRC) ea sa ratang ho ipolela lebitso. O hlalositse moithuti ka mong a kolota chelete e kaalo ka M4750.
Setho sa SRC se tsoetse-pele ho hlalosa hore ho bile le nyollo ea litefiso tsa sekolo tseo NMDS e ileng ea behoa leseling ka tsona. O boletse a na le bonnete ba seo kaha kahara Lekhotla le tsamaisang LCE, NMDS le makala a amehang a ‘muso a emetsoe lekhotleng leo.
O re ba ile ba makala haholo ha sekolo se ba bolella hore ba itefelle mokoloto ka le reng NMDS e hanne ho lefa mokoloto o joalo – mokoloto o se o le mahetleng a bona.
Moithuti o phethetse ka ho supa hore boipelaetso ba bona ke ho phahamisa sello ho bohle ba nang le kobo ea bohali thutong; e ka ba ‘muso ho thusetsa ka ho patala chelete eo ba e kolotang sekolo hajoale.
Ho sa le joalo, ea tšoereng molepo e le mookameli oa sekolo puisanong le Leihlo la Basotho, Dr Moeketsi Letele o itse baithuti ba amehang ke ba thusoang ka lihlapiso ke NMDS. A re baithuti bohle ba keneng boithutong ho tloha ka 2023 ke bona ba amehang ‘me ba kolota kaha NMDS ha e ea ba lefella chelete e lekaneng ho ea ka kakaretso ea litefiso tse behiloeng ke sekolo.
Letele o re e le sekolo ba na le kamano le baithuti ‘me ba lebeletse hore e-be bona ba nkang boikarabelo litefellong tsa sekolo.
O bontšitse hore kakaretso ea mokoloto oo baithuti ba nang le oona sekolong ke limilone tse leshome le motso o mong tsa Maloti (M11 milone). O behile ngongoreho hape hore litefiso tsa sekolo sa habo li tlaase haholo papisong le likolo tse ling kahara naha. O re khahello ea lichelete e baka hore sekolo se fane ka thuto ea boleng bo sa khotsofatseng. A teha mohlala ka hore LCE moithuti ea ka tlaase o lefa M16 000 ka selemo ha ba bang ba lefa M19 000 ba etsang lithutlo tsa mosebetsi oa matsoho (practicals). A lla ka hore chelete ena ha e anele litlhoko tsohle tsa thuto.
Leha ho le joalo, Dr. Letele o supile hore bona e le sekolo ba ikemiselitse ho sebetsa le baithuti ka tsela e ke keng ea ba tlatlapa hafeela ba sa reobe melao ea sekolo. O itse molao o re moithuti ea hloloang ho lefella litefello tsa sekolo mangolo a hae a tla tšoaroa ke sekolo hofihlela a lefile.
O boletse hore menyako ea bona e butsoe hore baithuti ba ka etsa likopo tse khethehileng tseo ba ka bontšang tsela eo ba tla lefa mokoloto hofihlela ba o qetile.
“Re le naha re na le mathata a lichelete. ‘Me ke le mookameli oa sekolo sena ke ananela litaba tseo ‘muso o ntseng o li etsa ho bona hore o tsitsisa boemo ba moruo kahare ho naha.
“Ke lumela hore re le naha re tlameha re ke re hoelehetse bohle ba amehang litabeng tsa thuto ba kahare le ka ntle ho naha. Molemo ke hore ba thusetse ho bona hore ho bonahala kahare ho naha ea Lesotho ho na le qholotso tabeng ea thuto ‘me ba kenye letsoho.” Dr Letele o li beha joalo.
O lihelletse likhala ka ho etsa khoelehetso ea hore bohle ba nang le bokhoni ba ho thusetsa ba mpe ba thus – lihlapiso esebe tsa NMDS feela ho qoba literaeke tse amanang le lichelete.
Ho sa le joalo sekolo se ile sa lokolla polelo hona kajeno e laelang baithuti ho emisa seteraeke hang-hang, ba khutlele lihlopheng e le ho lumella SRC ho sebetsa taba ena le mafapha a amehang. Sekolo se tšositse ka hore haeba baithuti bas a khutlele lihlopheng bookameli bo tlo hloka boikhethelo ’me bo lelekelle baithuti malapeng.