BACHA BA BOHANYETSI LE ‘MUSO BA HLOKA TS’EPO HO TONA-KHOLO
ka Moipone Makhemeng
La 30 Phato 2023
Bacha ba mekha ea lipolotiki ka ho fapana ba ts’oaroe ‘moka oa bo-ralitaba Ntlo-Kholo ea Basotho National Party (BNP) Maseru, maobane. Ba totobalitse hore ke Basotho ba ts’oenyehileng hore puso e etelletsoeng pele ke tona-kholo Ntsokoane Matekane ha e sa le molemong oa Basotho. Kahona ba batla hore maparamente a bohanyetsi a mo ketole kaha ba hloka ts’epo ho eena.
‘Mokeng ona ho bile le baemeli ba mekha e latelang: Democratic Congress (DC), Revolution for Prosperity (RFP), Basotho Action Party (BAP) Basotho National Party (BNP), United for Change (UFC) le All Basotho Convention (ABC).
‘Moka o ts’oeroe kamora hore bookameli ba sepolesa bo nts’e polelo e hlokomelisang litho tsa lekhotla la sechaba ho khaotsa ho ts’osa le ho qobella litho tse ling ho tsohela ‘muso matla.
Polelo e supa baqobelli ba ikapesitse ka banna ba hlometseng e leng ho ka hlokisang naha botsitso le ho kenya ts’abo ho ba sa lumellaneng le litaba tse joalo. Sepolesa se ipilelitse hore bao ba emise hang-hang ka lits’oso pele se nka likhato tsa molao e le ho sireletsa naha.
Maobane ‘mokeng bacha ha ba kena holima polelo ea sepolesa, raliphatlalatso oa mokha oa BAP monghali Lepolesa Makutoane lebitsong la bohle ba bitsitseng ‘moka, o ile a li beha tjena;
“Re Basotho ba ts’oenyehileng ‘me re bo-ralipolotiki. Molaetsa oa tlokotsi oo re ratang ho hlabela Basotho mokhosi le ho hlabela machaba patsana ke hore litsi tsa ts’ireletso li its’ema ho beta molao oa motheo le puso ea molao.
Rea lemoha hore puso ea sechaba ka sechaba ka boeona e tlokotsing. Ha ho ba le kamano eo re e bonang hore joale Lesotho le khutlela tetete moo ho tla qetella ho ba le meruso ea lipolotiki. Ho tla ba bosula kahare ho bophelo ba polotiki moo likhoka li eeng li qetelle li etsahala hobane joale e le taba ea hore litsi tsa ts’ireletso ka tsela eo re nkang e sa nepahala li bonahala li ba le khahlamelo litabeng tsa polotiki.
“Ntho e teng mona eo batho ba ts’osoang ka eona e senyang lipolotiki tsa Lesotho. E hlalosoa hangata ho thoe ke teko ea ho liha ‘muso (treason). Ntle le mono, sepolesa se bolela ka moo ho tloloang molao ka teng ha ho etsoa litaba tsa polotiki.
“Ke batla ho hlalosa ka mokhoa o pepenene hore puso ea sechaba ka sechaba (democracy) ha se teko ea ho liha ‘muso, democracy is not treason. Puso ea sechaba ka sechaba ke bolokolohi ba ho nts’a maikutlo, bolokolohi ba ho kena mokhatlo oo motho a o ratang le litokelo tse hammoho le ho ba le seabo lipolotiking.” Makutoane o li beha joalo.
Makutoane o totobalitse hore ‘muso o ka lihuoa ka litsela tsa molao, ke mekha ea lipolotiki ea bohanyetsi ka ho susumetsa maparamente a nang le taolo ho bona ho ba laela hore na ba etse joang kaha ba ikarabella ho bona e le mekha ea lipolotiki e thehiloeng ka molao. A re lipolotiki tsa puso ea sechaba ka sechaba li bapaloa joalo ‘me ha ho lokele hore ho be le litsi tsa ts’ireletso tse laolang hore na ho sebetsahale joang.
Ha a tsoela-pele o re; “Kannete ‘na kea makala; kea ipotsa na sesole sa rona, mapolesa a rona na ba bala Penal Code. Ba lokela ho sheba Section 74 ea eona. E re batho ba ratang ho susumetsa ho fetoha hoa ‘muso kapa ho fetoha hoa molao ka litsela tse sa nepahalang ke bona ba tlolang molao.
“Motho u ka ipotsa hore na ha e le mapolesa e le masole, ea reng maparamente litsela tseo ba ntseng ba li sebelisa li ka thoko ho molao ke mang? Ka lehlakoreng le leng, maparamente a hlile a etsa litaba tseno ‘me a li etsetsa sebakeng se nepahetseng ebile a fuoe tokelo ea hore a etse joalo.”
O ile a bonts’a hore temana ea 74 ea Lipokello tsa Molao (Penal Code) ehlile e hlakisa hore motho ea tla leka ho susumetsa ho fetoha hoa ‘muso kapa ho o lihela ka likhoka, kapa ka lithunya kapa ho susumetsa phetoho ea molao kapa ea ‘muso ka tsela e seng molaong, ka ho ema mono a ts’osa batho, o tlola molao.
“Taba eo rea belaela re le ba lutseng mona hore kannete ho na le ba hlileng ba etsang taba eno ea teko ea ho liha ‘muso empa e seng bana bao ho thoeng ke bona. Kannete litsi tsa ts’ireletso li re sehisa letsoalo.
“Ntle le moo ha re hopoleng, masole le mapolesa ke bahlanka ba ‘muso, ba hiruoe ka kotloloho tlas’a Public Service ‘me ho ea ka Public Service Act, ha ba lokela ka tsela efe kapa efe ho kena-kenana le litaba tsa lipolotiki, kapa ho etsa comment litabeng tsa lipolotiki. Taba ena ea hore ho thoe ho tloaelehile, ke tloaelo e mpe hobane e tlola molao har’a melao ehlile e tlola oona oa motheo le melao e hirileng ‘ona mapolesa le masole.”
Ha re bua ka taba ea molao oa motheo, Section 1 feela e re Lesotho e tla ba naha ea democracy ‘me ho tla tsamaisoa ka molao oa motheo feela. E seng ka maikutlo a mokha ofe kapa ofe kapa lits’oso. Empa ntho e kholo eo ke ratang re tle re e supe e ‘ngoe ke hore ke mapolesa le masole a etsang lits’oso ka mefuta eohle eo a li etsang.”
Ho feta mona o ile a thatiseletsa hore ho na le karolo ea sechaba; e ka ba marang-rang kapa liea-le-moeeng e ntseng e etsa lits’oso. O itse hara bona ba bang ba re maparamente ha a ka etsa ketso ea ho liha ‘muso ba tla bona. O bile a etsa mohlala ka hore batho ba joalo ba bitsa maparamente matlakala le marabele.
“Batho bano ba hlokang kutloisiso ebile ba re ba tla nka libetsa. Ba re maparamente a tla ke a leke feela a tla bone. Nahana ha u etsetsa leparamente lits’oso, le nkileng kano hore le tla ts’epahalla Motlotlehi le Basotho ekasitana le ho sireletsa molao oa motheo.” Oa phethela.
Baemeli ba mekha e meng ba ile ba tlatsa litaba tsa Makutoane ka hore nako e fihlile ea hore a ketoloe ka molao paramenteng.