๐ ๐ข๐’๐๐๐ก๐ฆ๐๐๐๐ฅ๐ ๐ข๐ ๐๐ ๐ฆ๐๐ข๐ฆ๐๐ข๐๐ข๐ก๐ ๐ค๐๐๐๐’๐ฆ ๐ก๐๐
Ka moqolotsi oa rona
Koloi ea teraka ea ‘muso e sebetsang Lekhotleng la Setereke lebatooaneng la Tsoelikana Community Council, Qacha’s Nek e tลกoeroe ke sepolesa e laeshile thepa ea lebenkele la khoebo eo pelaelo e leng hore mok’hanselara monghali Zifunele Roxa o ne a rekile thepa ea lebenkele la hae kaha koloi e tลกoeroe a e palame le moqhobi ba laeshile thepa eo.
“Mapolesa a ile a e qhautsa koloi Ha Ramatลกeliso e tsoa reka joala Afrika Boroa ka la 26 ‘Mesa 2023 e tsamaea ka moqhobi le mok’hanselara oa DC Qacha mona.” Ho rialo mehloli ea litaba.
Ha litaba li tjena, Mongoli oa Lekhotla la Setereke seo, monghali Motebang Mokoinihi o tiisitse litaba tsa ho tลกoaroa hoa koloi eo, moqhobi hammoho le mok’hanselar empa a re ba ile ba lokolloa.
O supa hore ka la 26 ‘Mesa 2023 ba ile ba romela koloi ea teraka hoseng hore e il’o lata mok’hanselara, monghali Zifunele Roxa, kaha ho ne ho e-na le phutheho ea lekhotla tsatsing leo. O hlalosa hore mantsiboea kamora phutheho koloi e bile ea romelloa hape ho isa mok’hanselara lapeng ha hae Sehlaba-Thebe, Qacha’s Nek.
O re ka shoalane kamora hora ea bosupa ba ile ba fumana mohala o reng koloi e tลกoeroe e laeshile joala bo lebang khoebong ea motho (mok’hanselara).
“Mok’hanselara o ile a ntetsetsa bosiu, a re mapolesa a mo emisitse lelibohong la Ramatลกeliso a re koloi e tลกoeroe hoba e se na tumello ea ho tsamaea mono.
“Ho feta mona, ke ile ka letsetsa mookameli oa sepolesa sa Ramatลกeliso ‘me eena a mpolella hore koloi ba e tลกoeroe hoba e sebelisoa hampe kaha e ne e laeshile thepa ea lebenkele ea monga eona. O itse ba e tลกoaretse ho sebelisoa hampe mabakeng ao e seng a mosebetsi.
“Ke batla ho otlolla mona hore ofisi ea heso e ne e lokollotse koloi eo ho lata ntate mok’hanselara ebe e mo busetse lapeng kaha ho ne ho na le phutheho mona. Rona re le ofisi ha re tsebe letho ka taba ena ea ho laesha thepa ea shopong. Se etsahetseng ke hore e bile boikhethelo ba molula-setulo ho laesha thepa ea shopo.
“Koloi hajoale e mapoleseng, ‘me e tla hlaha e le pontลกuoa lekhotleng. Koloi ena ha e na molato, e tla hlahisoa e le pontลกuoa feela lekhotleng ‘me kamora moo e tla khutlela tลกebetsong.” Monghali Mokoinihi o rialo seea-le-moeeng sa Souru FM, Qacha’s Nek.