TSE KHOTHATSANG HO MALAPA A BAFU BA MAKHOMOSHA A 31
Ka Moipone Makhemeng
La 23 Phuptjane 2023
Khoeli le beke li haba ho fela esale Basotho ba 31, ba rafang khauta ka thoko ho molao ba timella mokoting oa morafo o koetsoeng lilemong tsa bo-1990 Virginia, Harmony, Welkom Foreisatata. Koluoa e tlalehoa e bile ka la 18 Motšeanong 2023.
Litaba tse khothatsang ba malapa ke hore Lekala la Afrika Boroa la Merafo le Matla, le ntšitse polelo e fanang ka tšepo ho malapa a bafu maobane ka boemo ba koluoa ena.
“Lekala la Machabeng la ‘muso oa Lesotho le ile la re tlalehela ka koluoa ena ka la 18 Motšeanong 2023 hore sehlopha sa banna ba 31 ba belaelloang e le ba Lesotho ba shoelletse mpeng ea lefatše ka lebaka la bothata ba phefumoloho, Shaft 5, Morafong oa Virginia, Harmony, Welkom.” Karolo ea polelo e baleha joalo.

Makhomosha mokoting oa morafo [Foto – Mining Review]
Ho theolela bahlanka ba pholoso ho ea ntša litopo mokoting ho kotsi kaha maemo a paola (khase ea mokoti e bitsoang methane) a phahame haholo hajoale ’me e ka ba kotsi e tšosang ho mang kapa mang ea ka kenang moo ho ea ntša litopo. Lekala le hlalosa joalo.
“Leha ho le joalo, re ntse re inahanela matsapa a mang hore re ka etsa joang ho thusetsa boemong bona. Kannete re qala ho thulana le boemo bo tjena. Mafapha ’ohle a ntse a atameloa ho bona hore ka letsatsi le leng masapo a banna bao ba neng ba rafa ka thoko ho molao a nyolleloa ka ntle ho mokoti.” Polelo ea lekala e hlalosa joalo ebile e supa hore ho na le litopo tse tharo ho tse 31 tse seng li nyolletsoe kantle ho mokoti ke makhomosha a mang.
Puisanong le raliphatlalatso oa Lekala la Machabeng Lesotho, Teboho Mapetla, o ne a bolelle koranta ena hore ‘muso o tla lata litopo hafeela li ntšuoe ka mokoting: “Ke lakatsa ho hlalosa hore hofihlela litopo tseo li ka ntšuoa ka moo, ‘muso oa Lesotho ke hona o ka tsebang ho lata litopo tseo hobane re sitoa ho ea naheng e ‘ngoe, ho tla tšoana leha re etsa tress pass (re kena ka fole).

Teboho Mapetla, ofisiri ea liphatlalatso Lekaleng la Machabeng, Lesotho
“Ha re ka etsa joalo, re tla be re ile sebakeng seo re se nang tokelo ho sona joalokaha le bona (bafu) ba ntse ba le sebakeng seo ba se nang tokelo ea ho ba ho sona. Ho ea moo ho ka senya likamano tsa rona le Afrika Boroa.” Mapetla o rialo a bua le moqolotsi oa koranata ena libeke tsa ho feta. U ka bala litaba tse ling tseo a ileng a li hlalosa MONA.