MEKAUBERE E RE BACHA BA QOBE LITHETHEFATSI
Ka Moipone Makhemeng
La 2 ’Mesa 2023
Mekaubere papaling ea bolo ea maoto ho tsoa Lesotho le Afrika Boroa e ile ea ba le papali ea setsoalle Setsoto Stadium ka Moqebelo. Sepheo sa papali e ne e le ho hlokomelisa bacha kotsi ea tšebeliso e mpe ea lithethefatsi.
Ka lehlakoreng la baeti li ne li panne joana: William Okpara, Cyril Nzama, Abednico Nichode, Lucky Lekgwathi, Doctor Khumalo, Steve Lekoelea, Josta Dladla, Naughty Mokoena, Jabu Pule, Katlego Mashego. Ho boetse bencheng e ne e le Jappie Motale, Edward Motale, Jose[h Ngake, le Thapelo Liau.
Ha a bua ka sepheo sa morero, Steve Lekoelea o kopile bacha ho bua molaetsa ona: “Say No to Drugs”.
“Leha e le hore bacha ha ho lintho tse ba etsang hore ba be busy empa rea ipiletsa hore ba qobe lithethefatsi ka litsela tsohle.” Lekoelea o rialo kamora papali.
Mokaubere o mong, Jabu Pule o ile a leboha kamohelo eo Basotho ba ba fileng eona. O boetse a ipiletsa ho bacha ho qoba lithethefatsi kaha a re le eena e bile lehlasipa la ho li sebelisa bophelong ba hae. A re hoja ha se ka lithethefatsi, bophelo ba hae bo ka be bo le hole kaha li ile tsa ama bophelo ba hae hampe.
A re ba lokela ho qholotsa mebuso hore e bone hore bacha ba aheloa mabala moo ba ka bapallang teng lipapali tsa mefuta-futa tse tla ba thusa ho tloha lithethefatsing.
Ka lebaleng lihlopha li ile tsa bapala ka mokhekhetho oa ntlha e le ‘ngoe sehlopha ka seng. Matona a Motlotlehi le ‘ona a ne a le teng ho boha papali ena: Hara bona e bile Pitso Lesoaoana: Tekano, Bacha, Lipapali, Bochaba, Bonono le Ntšetso Pele ea Sechaba. Mpotjoane Lejone – Lekala la Machabeng , Dr. Retšelisitsoe Matlanyane letona la Lichelete le Ntšetso-Pele ea Meralo le Lebona Lephema letona la Puso ea Libaka le Borena, Lekala la Lehae le Sepolesa.