MASOLE LE MAPOLESA A ‘NKILE’ ‘MUSO – AUMANE
Ka Moipone Makhemeng
Phatlalatso ea baokameli ba sesole, sepolesa le mautloela kajeno ka molomo oa mookameli oa sepolesa, Holomo Molibeli e supang hore litsi tsa tšireletso li ke ke tsa lumella maparamente ho liha ’muso ka paramenteng e hlalosoa ke motlatsi oa moetapele oa Socialist Revolutionaries (SR), Tlohelang Aumane e le sesupo sa hore masole le mapolesa a nkile ’muso.
“Sechaba sa Basotho se buile ka nako e telele hore se rata puso ea sechaba ka sechaba, e seng puso ea maparamente molemong oa maparamente, kahona, sechaba se khabane, re le tsebisa hore liketsahalo tseo tsa phetolo ea puso, li ke ke tsa phethahala.” Holomo Molibeli o rialo.
Aumane o re o makalletse litsi tsa tšireletso ka puo e khahlanong le tšisinyo ea ho hloka tšepo ho tona-kholo le ’muso ka paramenteng.
“Re utloa ba re ntho e tla sebetsa honajoale ke lirifomo. Sena ka tsela e hlakileng se bolela hore paramente e fanyehuoe.
“Ha ho le tjena ha re tsebe hore na lirifomo tsena ke bona ba tlo li etsa kapa li tla etsoa ke mang.” Aumane oa tšoaela puisanong le Leihlo la Basotho.
Taba ea bobeli Aumane o itse ho oa tsebahala hore maparamente a sebetsa ka molao oa motheo. A re le tšisinyo ena e entsoe ho ipapisitoe le oona. Leha batho ba lla ka hore ba batla molao o mocha oa lirifomo, Aumane o re o hlokomela hore baokameli ba litsi tsa tšireletsoba re ho tla sebetsoa mohla molao o mocha o leng teng.
“Ka kotloloho ho hlakile hore hajoale re busoa ke bona (sesole le sepolesa) ka melao eo ba tla re behela eona. Ke bana ba re molao oa motheo o ntseng o le tšebetsong sechaba se llile ka oona.
“Re nka re busoa ka lere-la-tšepe (decree) e leng ka moo ba lumelang ka teng kapa ba ratang re busoe ka teng.” Ke Aumane a nyatsa polelo ea litsi tsa tšireletso.
Mohlomphehi o bontšitse e le bomali-mabe hore tona-kholo Matekane o ile a behoa ke maparamente, empa ha maparamente a lokela ho mo tlosa, o ikapesa ka litsi tsa tšireletso.
“Ke bomali-mabe hore litsi tsa tšireletso ka lebaka la ho rekeloa junifomo ebe e se e le tjotjo ea hore puso ea sechaba ka sechaba e felile hobane feela ba ile ba rekeloa junifomo. They have become very cheap.
“Motho a ka tsoela-pele hore ha re sa na sesole le sepolesa e le litsi tsa tšireletso. Re se re na le batho mono ba lutseng ba reng ha u ‘ngoaea ka mahetleng, haeba u batla ho lula nako e telele pusong re tla bona ka hohle hore o lula litulong.”
O ferile ka ho supa hore seriti sa naha se silafalitsoe: “Ba tšaba feela ho phatlalatsa hore ba nkile puso, ba tšaba SADC hoba b’a tseba ha e na ba lumella hore ba nke puso empa ho hlakile hore ba nkile puso.” Aumane o lihella likhala.
Ho sa le joalo, setsebi sa molao Adv. Fusi Sehapi o hlalositse e se phoso ho liha ‘muso ka paramenteng.
O re mekhoa e ‘meli ea ho liha puso, e leng oa ho e liha ka lithunya (coup detat) ‘me o re ona mokhoa ha o molaong.
A re mokhoa o molaong ke ho liha puso ka paramenteng ho itšetlehiloe le litemana tsa molao.
“Mokhoa oa ho liea puso ka paramenteng ho sa sebelisoe matla kapa litšoso ke mokhoa o molaong.” Sehapi oa hlalosa.
O itse leha maikutlo a sechaba a rata hore ho fetoloe melao ka lirifomo ebile sechaba se sa batle ho lihana ka paramenteng empa taba ea lirifomo ke ntho e sieo.
“Ha ho le tjena molao oa lirifomo ke ntho e sieo hobane ha o e-s’o fetisoe ka molao. Hajoale ho sebelisoa molao oa motheo o ntseng o le tšebetsong.
“Molao o sebelisoa o le joalo, ha ho sebelisoe molao o ntseng o lohothoa kapa o reroa. The law is applied as is, not as it ought to be. Molao o sebelisoa ka moo o leng ka teng e seng ka moo re lakatsang ka teng. Hafeela ho se molao oa lirifomo, molao o tla sebetsa ke ona o teng honajoale hofihlela lirifomo li phethetsoe.” Adv. Sehapi oa phethela.