MAKHOMOSA A 68 KHOTLA KAJENO
Ka moqolotsi oa rona
La 18 Phato 2023
Banna ba 68 ba sebetsang merafong e koetsoeng ka thoko ho molao ba tlalehoa ba tšoeroe letšolong la sepolesa le bileng ka Moqebelo, sebakeng sa Sabie, Mpumalanga, Afrika Boroa.
Ho ea ka tlaleho ea koranta ea The Citizen, ke babelaelloa ba lipakeng tsa lilemo tse 18 ho isa 54 ba matsohong a sepolesa sa Sabie.
Raliphatlalatso oa sepolesa, Colonel Donald Mdhluli, o re ba ile ba tsoa letšolo kamora hore monna e mong oa Lesotho a tlalehe sepoleseng hore o ne a koetetsoe. Babelaelloa kaofela ba tobane le liqoso tse ‘maloa tse kenyeletsang ho lula naheng ea Afrika Boroa ka thoko ho molao.
Babelaelloa ba bang ba qosoa ka ho ameha thekisong ea batho, athe ba bang ba tobane le nyeoe ea ho rua lithunya ka thoko ho molao.
“Colonel Mdhluli oa nama: “Re ile ra thakhola letšolo kamora hore lehlatsipa le tsoang Lesotho le tle koano motebong oa sepolesa oa Sabie ka Phato ho tlaleha ketsahalo ea ho koetela. Sehlopha sa rona sa sepolesa se ile sa kena khabong ka matjeke ka Moqebelo,” Oa hlalosa.
“Nakong eo mapolesa a fihlang sebakeng seo, a ile a atleha ho qhautsa babelaelloa bao ba tsejoang ka lebitso la li-zama-zama. Ho fumanoe lithunya tse peli le mahlahahlela ho babelaelloa.

Lithunya tse fumanoeng ke sepolesa letšolong [Image supplied]
Mdhluli o hlalositse hape hore lithunya tse fumanoeng ho babelaelloa li tla isoa litekong ho fumana hore na ha li ea ameha liketsong tsa botlokotsebe pele ho mona. Babelaelloa ba tlil’o hlaha lekhotleng la ‘maseterata oa Sabie kajeno.