LESOTHO LE KETEKA LETSATSI LA BASALI
Ka Moipone Makhemeng
Naha ea Lesotho e boulella bohlokoa ba basali sechabeng ‘me maobane ‘muso oa Lesotho ka kopanelo le Moifo oa Linaha tsa Kopano ea Europe (Europe Union Delegation) e ile ea keteka Letsatsi la Basali la Machaba, ‘Manthabiseng Convention Centre, Maseru. Letsatsi lena le ketekoa selemo le selemo ka la 8 Tlhakubele e le ho hlokomela le ho ananela hore litokelo tsa basali ke litokelo tsa mantlha tsa botho.
Har’a libui tšebeletsong ena e bile Motlatsi oa Motsamaisi oa Ntlo ea Bakhethoa, mohlomphehi Tlohang Sekhamane ea hlalositseng puong ea hae hore letsatsi leo le ne le reretsoe ho keteka hore basali ba hatetse pele hakae ho loanela litokelo tsa bona. Sekhamane o lokolisitse litokelo tseo e le tokelo ea ho lokoloha bophelong, ho se khetholloe, ho ba le mobu, ho khetha, ho ruteha le ho fumana meputso e lekanang maemong a tšoanang. A supa hore kajeno basali ba elelloa hore ba na le litokelo ‘me tsena li fihletsoe.
Leha ho le joalo, Sekhamane o bontšitse hore litlaleho tsa litaba khafetsa li bontša hore tlhekefetso ea basali ba Lesotho e ntse e tsoela-pele, a re sena se thefula basali likelellong le ho ba bakela khatello ea maikutlo.
O hlalositse hore basali ba ntse ba lumella banna ho ba nyenyefatsa le ho ba nyefola ka lipuo ekasitana le ho ba hlekefetsa ‘meleng. A eketsa ka hore maqheku a hlekefetsoa ka thobalano ke bacha hape le chelete ea bona e nkoa ka likhoka. A re le basetsana ba rekisoa ke beng ka bona bao ka nepo ba tšepetseng ho bona.
Ha a phethela, Sekhamene o itse pale ena e tlameha ho fetoha kaha e khinne kholo ea moruo oa naha ea Lesotho. O itse banna ba lokela ho fetola maikutlo a bona mabapi le tsela eo ba shebang basali. O boetse a totobatsa hore keteko ena e tla fa maparamente ho kopanya le ho manolla melao ea morao-rao e fetisitsoeng ke paramente ho sireletsa basali. A tea mohlala hore o mong oa melao e fetisitsoeng ke Domestic Violence Act 14 of 2022.