LESOLE LE FANA KA BOPAKI POLAONG EA LETŠELA
Ka Moipone Makhemeng
La 22 Pulungoana 2023
Paballo Katiba (42), monna oa Ha Sikara, ha ramotse ‘Mamoipone ‘Mika, Quthing tlas’a morena oa sehlooho Seeiso Nkoebe o hlahile Lekhotleng le Phahameng la Maseru ka pele ho moahloli ‘Mabatšoeneng Hlaele maobane. Katiba o qosoa ka polao ea Makalo Letšela oa hona Quthing e etsahetseng ka la 28 Tlhakubele 2022, Lower Moyeni, Quthing.
Lekhotla le balletse Katiba liqoso tse peli; ea pele ke ea polao ea Letšela ka morero le maikemisetso, hammoho le ho ruoa sethunya sa moetso oa 9mm Norinco SW ka thoko ho molao. Kamora ho balloa liqoso, moqosuoa o ipoletse a se molato.
Adv. Poone e le ‘muelli oa mofapa-hlooho o ile a bitsa paki ea pele – monghali Doda Edwin Seotsa (33) oa Motse-Mocha, Ha Sikara, Quthing ea ileng a itlhalosa e le setho sa mehleng sa sesole.
Paki e boletse e tseba moqosuoa le mofu ka botlalo. Ea re moqosuoa ke mohoebi oa lishopo eo a neng a mo sebeletsa empa e ne e se metsoalle. O re o ne a mo thusa ka ho boloka libuka tsa khoebo (cash books) le ho mo thusa ho etsa tax clearances. Ka lehlakoreng le leng, paki e boletse e tseba mofu Makalo Letšela kaha e ne e palama likoloi tsa bo tse tsamaelang Maseru.
Ha e tekela lekhotla tsa mohla polao, paki e re pejana ho letsatsi leo, moqosuoa o mo bolelletse hore ho na le motho ea mo tšoenyang kapa ho mo sokolisa ka mosali oa hae. O ne a lekanya hore bao ba ne ba na le likamano tsa lerato.
Paki e tsoela-pele: “Moqosuoa o ile a bontša a le worried ho ‘na a re ho na le motho ea utloanang le molekane oa hae ‘me a re motho eo ke sera sa hae. A re motho eo o bile o mo etsetsa litšoso tsa ho mo hlasela.” Paki e rialo.
Ha a tsoela-pele o bontšitse ka la 28 Tlhakubele 2022 hoseng, o ne a lokela ho kopana le moqosuoa ka litaba tsa tšebetso. O re moqosuoa o ne a ntse a mo letsetsa a re a potlake. O re ha moqosuoa a mo letsetsa lekhetlo la boraro, o ile a re a tle kapele a tl’o mo bontša motho eo a hlolang a lla ka eena mabapi le mosali oa hae.
O tekile bopaki hore ha a atamela Fuleng Quest House, o ile a bona koloi ea moqosuoa le e ‘ngoe li pakile ka thoko ho tsela holima pavement.
“Koloi ea moqosuoa e ne e pakiloe ka pela Cheapest Supermarket e shebile tlaase, e le holima pavement. Ho ne ho na le koloi ea van e neng e furalletse ea moqosuoa. Monga koloi eo o ile a bua le ‘na a re o kopa ke joetse monga koloi eo a tlo mo bulele tsela.
“Ke ile ka letsetsa moqosuoa. Eitse ha a fihla a kena ka koloing; le ‘na ka kena ka mo hlalosetsa hore monga koloi ena o re a mo bulele tsela. Ke moo a ileng a mpontša hore ke eena motho ea mo sokolisang ka molekane oa hae eena enoa.
“Moqosuoa o lekile ho lumisa koloi ea hae empa ea hana ho luma. O e lekile makhetlo hofihlela a re ke mathele ho ‘m’e e mong ea neng a ntse a na le eena hore a mo kalime jumping cables. Eo o ile a re ha a na tsona. Moqosuoa o ile a tsamaea le ‘m’e eo ka koloi ea ‘m’e ho lata jumping cables tsa hae, eaba ba tsamaea ‘moho.”
Ke moo paki e ileng ea botsoa hore na motho enoa ea neng a batla ho buleloa o ne a mo tseba. “Ho joalo, ke ne ke mo tseba, e ne e le Makalo Letšela.
“Kamora ho khutla a nkile jumping cables moqosuoa o ile a re fa tsona. Ke ne ke na le moena oa hae Lebohang Katiba. Re ile ra lumisa koloi ka ho e jampa ka ena ea ‘m’e. Moqosuoa o ne a le koloing eo ea ‘m’e ea neng a ntse a tsamaea le eena. Koloi e ile ea luma, eaba re phutha jumping cables ho li kenya ka koloing ea moqosuoa.” Paki e tekela lekhotla.
Paki e hopola likoloi li ne ntse li le mane moo ea moqosuoa e neng e koalletse ea mofu.
“Ha re il’o beha jumping cables, re ile ra kopana le Makalo Letšela kamora koloi ea mofu a re botsa hore na koloi e ntse e luma. Ke ile ka mo arabela hore ho joalo eaba ke kena ka lemating la baeti la koloi ea moetso oa Toyota Alphad ea moqosuoa e ntšo.
“Ha re lokela ho beha jumping cables, ‘na le Lebohang re ile ra utloa molumo oa sethunya se khabola makhetlo, eaba re chechella morao, ho ea lehlakoreng la koloi ea mofu.
O re ba ile ba ema mono hofihlela sethunya se emisa ho khabola kaha se llile makhetlo.
“Kamora moo, moqosuoa o ile a hlaha kamora koloi ea hae a tšoere bistolo e ntšo kapa e grey e bonahetseng e sa hlahlela. Ke hlokometse hore sethunya se ne se sa hlahlela hoba bokaholimo ba cartridge bo ne bo ile morao sethunya se butse.
“Ke na le tsebo ka lithunya hobane nkile ka ba setho sa sesole lilemo tse ‘ne (Lesotho Defence Force). Moqosuoa o ile a re re tsamaee feela a sa batle ho arabela hore o entseng. O ile a ‘neha sethunya seo, feela a sa arabe hore ho etsahetseng leha ke ‘motsa.”
Paki e re ba ile ba tsamaea ba le bararo; eena, moqosuoa le moena oa moqosuoa. Ha ba qeta ho kena ka koloing paki e re e ile ea mo fa sethunya seo sa hae, eaba oa se nka o se lahlela fatše ka koloing ka moo.
Ba tsamaile ‘me paki e ne e lumela hore moqosuoa o il’o itlaleha sepoleseng. Empa ho tloha moo o ile a pepetla koloi ka lebelo empa ba mo khalema hore a se khanne koloi joalo. Moqosuoa o ile a hana ho theola lebelo empa a nyolla molumo oa radio ea koloi.
“Ha re fihla A-Skop re ile ra fumana road block ea mapolesa, ra hla ra re a eme. Ke moo a ileng a ema eaba mapolesa a re tšoara a re botsa ka se etsahetseng mane moo re tsoang, ra hlalosa se etsahetseng eaba rea tšoaroa kaofela ra isoa mapoleseng. Mapolesa a boetse a nka sethunya sane se neng se le fatše ka koloing.
Paki e ile ea botsoa ke mochochisi hore na e ile ea bona mofu kamora ho khabola hoa sethunya. Paki e ile ea araba ka hore e ile ea bona mofu a rapalletse fatše lehlakoreng la koloi ea moqosuoa ka lemating la moqhobi. A re sethunya se khabotse lipakeng tsa 9:30am le 10:00am.
O ile a botsoa hore na tsebong ea hae o tseba moqosuoa a ne a na le sethunya. Paki e ile ea araba ka hore e ne e qala ho ‘mona a tšoere sethunya ‘me ha e tsebe hore o ne a se nkile hokae.
Ho sa le joalo, Adv. Thoahlane, ‘muelli oa moqosuoa o re moqosuoa pele a thunya mofu o ile a ‘mona a theoha ka koloing ea hae eaba oa mo halefela a ‘motsa hore na o batlang ka koloing ea hae. Paki e itse ha e tsebe letho ka litaba tseo.
Adv. Thoahlane, o behile ho paki hore moqosuoa o ne a se na maikemisetso a ho thunya mofu. A bontša hore moqosuoa pele a ka thunya o ile a utluoa ke e mong Lira Khalieli a halefela mofu e le ha a theoha ka hara koloi ea moqosuoa a ‘motsa hore na o batlang ka koloing ea hae. Paki ea bontša hore ha e na maikutlo tabeng eo.
Ho feta mona, Adv. Thoahlane o ile a boela a beha ho moqosuoa hore; “sethunya sa moqosuoa se ne se tšetse mahlahahlela a tšeletseng feela ‘me likulo boholo li fositse mofu tsa thunya koloi ea hae (moqosuoa.)”