BASOTHO BA 31 BA SHOELLA MORAFONG, WELKOM
La 24 Mots’eanong 2023
Lekala la Machabeng la Lesotho le re ke bonyane banna ba Basotho ba 31 ba timetseng kotsing ea morafo o koetsoeng oa Harmony, Virginia, Welkom Afrika Boroa bekeng e fetileng.
Tlaleho e re ka la 18 Motšeanong 2023 banna bao ba tummeng ka hore ke Makhomosha ba ile ba bona koloi e tsamaeang ka Makhooa a mabeli. Kamora hore Makhooa a suthe moo, ho ile hoa qhoma mosi ‘me pelaelo ea banna bao ea ba hore Makhoaoa a akhetse seqhomane ka mokoting oa bona.
Leha ho le joalo, sepolesa le litsebi li latotse pelaelo ena ka hore morafo oo o koetsoe ‘me ba belaela khase ea mokoti e bitsoang paola (methane) e ile ea qhoma ea baka lefu la Basotho bao.
Monna ea phonyohileng kotsing ena, o hlalositse hore nakong eo ba bonang mosi ba lekile ho baleha ba le ka mokoting ka moo eaba e mong oa bona o laeta koae ea sikarete, ke moo mollo o ileng oa qhoma. Lehlatsipa leo le sepetlelle Maloti Mapoteng ‘me litopo tsa bafu li ntse li le mpeng ea lefatše kaha ho hlalosoa khase e le ngata hajoale bakeng sa ho ntša litopo ka morafong. Polelo e ea latela: