MORA O BOLAEA LE HO CHESA SETOPO SA ‘M’AE
Ka Moipone Makhemeng
La 8 Loetse 2023
Mohlankana ea ka bang lilemo li 25 oa Sekamaneng, Berea Ha Morena Bereng Majara o tlalehoa a fenethile ‘m’e oa hae a qetella ka ho mo besa. Tsena ho hlalosoa li etsahetse ka la 25 Phato 2023.
Hoseng kajeno bahaisani ba ile ba hlokomela hore e se e le nako e telele ba sa bone mohaisane oa bona ‘me ba ile ba atamela ofisi ea morena ho tlaleha maemo eaba morena o tsebisa sepolesa.
Bahaisani ba bile le pelaelo ka mora oa lelapa kaha ba hlalosa hore ha ba mo botsa lipotso mabapi le ‘m’ae, o ile a fana ka tlhaloso ea hore ba ke ke ba hlola ba ‘mona.
Sepolesa sa Ha Mabote se ile sa fihla sa nkela mora lipotsong ‘me a tsoa ka tsona. O qetelletse a boletse moo a tsetetseng setopo sa ‘m’ae hona jareteng ‘me sepolesa se ile sa epolla mofu.
Ho utloahala mora a ile a otla ‘m’ae ka pane e halikang mahe eaba oa timela. Kamora moo, ‘melaelloa o ile a hulela setopo kantle. O tlalehoa a ile a nyanyatsa setopo ka sepiriti a se chesa, a nt’o robala.
Eka o qetelletse a se tsetetse ka jareteng.
Hajoale ha ho tsebahale sesosa sa ntoa ea bona. Mora o hlalosoa e se oa mali oa mofu empa mofu a ile a mo holisa ka tsela ea phano (adoption).