BAOKI BA LLA KA KHASE
Ka Moqolotsi oa rona
La 17 Phato 2023
Baoki ba sebetsang litsing tsa bophelo tse fihlehang ka thata Qacha’s Nek ba re selemo le halofo li fetile esale ba qetela ho rekeloa khase eo ba e sebelisang matlong a bona a bolulo. Baoki ba re ho rekeloa khase ke karolo ea litšepiso tsa ‘muso ho baoki ba sebetsang ka Maloting. Litsi tse llang ke ‘Melikane Health Center, Matebeng Health Center le Sehlabathebe Health Center.

‘Mateboho Mosebekoa, Raliphatlalatso oa Lekala la Bophelo [Image – Screen Crab – Facebook/Public Eye
Re lekile ka makhetlo ho hopotsa lekala ka mekhoa e mengata ea mangolo le mahlo-mahlong ho etsa khopotso empa ha ho nko ho tsoa lemina.
Bosieo ba khase matlong ao re lulang ho ‘ona ho tlisitse boemo ba serame; re sitoa ho pheha kapa ho hlapa ka metsi a futhumetseng ekasitana le ho etsa mesebetsi e meng ka khase. U tla hopola hore ‘Melikane Health Center e fuoe baoki ba bacha ba e-s’o fuoe khase haesale ba fihla ka Hlakola 2023. Re kopa ho fumantšoa khase ka potlako pele ho la 5 Phuptjane 2023 e seng joalo litšebeletso tsa bophelo tse tloahelehileng li tla ameha hoba re felletsoe ke mamello.” Le baleha joalo lengolo la baoki. Leihlo la Basotho le bone mangolo a mang a kopo ea ho rekeloa khase a latelang le hlahang mona.
Ho sa le joalo, phala ea Lekala la Bophelo, ‘Mateboho Mosebekoa puisanong le koranta ena kajeno o itse ha a tsebe litaba tsa lengolo le hlahang litabeng tse bolotsoeng lengolong.