SETSI SA ‘MUELA SE KOALOA NAKOANA
Ka Moipone Makhemeng
La 12 Pherekhong 2024
Setsi sa phehlo ea motlakase sa ’Muela, Butha-Buthe (‘Muela Hydropower Station) se tla koaloa nako ea likhoeli tse tšeletseng ka lebaka la tokiso e matla ho sona. Sena ke ho ea ka letona la Matla, Prof. Nqosa Mahao a tekela baqolotsi ba litaba maoba. Mahao o re lekala la habo le bitsoa la Matla ‘me le shebane le mefuta e meraro ea libeso; motlakase, mafura le patsi.
O phatlalalitse hore setsi sa phehlo ea motlakase sa ‘Muela se tla koaloa ho tloha ka Mphalane 2024 ho ea ka Tlhakubele 2025. O re nakong eo ho ntseng ho lokisoa setsi seo, ba tla bona hore ho na le motlakase o eketsehileng ho hlaha naheng ea Afrika Boroa le Mozambique.
Ho ea ka Prof. Mahao, kakaretso ea tlhahiso ea motlakase hajoale Lesotho ke 102 Mega Watts (MW). A hlalosa hore 72 MW e fehloa ‘Muella ka metsi, athe 30 MW e hlahisoa setsing sa phehlo ea motlakase oa letsatsi Ha Ramarothole, Mafeteng. Setsi seo se ile sa buloa ka molao ka la 7 Phuptjane 2023. U ka bala litaba tseo 👉🏼 MONA.
Mahao o hlalositse ha tlhoko ea naha ea motlakase ka letsatsi e hakanyetsoa ho 160 MW. “Sena se bolela hore re na le khaello ea 60 MW eo re e hlokang, ‘me eona ke eo re e rekang Eskom, Afrika Boroa le Electricidade de Moçambique (EDM) Mozambique.”
O boletse hore lekala le morerong oa ho eketsa tlhahiso ea motlakase ka hare ho naha.
A re ba tlil’o phethahatsa sena kaha ba le mathuleng a ho ntlafatsa setsi sa phehlo ea motlakase Ha Ramarothole moo ho tla boela ho ahoe setsi se tlil’o fehla motlakase oa boima ba 50 MW ho tlatselletsa ho 30 MW e se ntse e fehloa moo. A re kakaretso e tla ba 80 MW. Morero ona o hopoletsoe ho thakhoha mathoasong a 2025.
Chebelo-pele ea lekala ke ho anetsa phehlo ea motlakase o hloekileng naha ka bophara hore motlakase o sebelisoang naheng ea Lesotho e-be o fehloang kahara naha ea Lesotho feela.“Re boetse re batla ho tla rekisa motlakase o mong ho naha ea boahelane. Re maemong a matle haholo a ho fihlela taba eno.” O rialo Mahao.
Ha a tsoela-pele, o tšoaetse ka hore literopo tse peli, Qacha’s Nek le Mokhotlong tse neng li fepeloa ka motlakase ho tsoa kantle ho naha le tsona li tla fepeloa ka hare ho naha joalo ka tse ling.
“Katamelo ea lekala tabeng ea phepelo e mekhahlelo e ‘meli; ea pele ke ho hokela sechaba ka motlakase oa marang-rang ana a LEC ‘me lea tseba hore lithapo tsa LEC ha se hohle moo li leng teng ka hare ho naha. Tabeng eno ea LEC re tlo e khanna ka project e bitsoang Rural Electrification.
“Re tlo e khanna hape-hape ka project e bitsoang Lesotho Enterprise Assistance Program (LEAP), e tšehetsoang ke Banka ea Lefatše (World Bank)” Prof. Mahao o li beha joalo a bile a thatiselletsa ka hore ho hloauoe litsi tse nyenyane tsa phehlo ea motlakase (mini-grids) metseng. Mona o itse ba batla ho hokela malapa a 10 000. O re mosebetsi o sa le moholo kaha malapa a Lesotho a hakanyetsoa ho 500 000 ‘me morero ke ho hokela malapa ‘ohle ka motlakase.
Ho feta mona, o hlalositse hore Lekala la Matla le phethetse Setšoantšo sa Molao oa Matla (Energy Bill) se amanang le tlhahiso bocha le phepelo ea motlakase e le ho tataisa litaba tse amanang le tsona.