LIPEHELO TSA BAITHUTI BA FOKOTHI HO KHUTLELA LESOTHO
Ka Moipone Makhemeng
La 12 Phato 2023
Letona la Machabeng Lejone Mpotjoane bekeng ena o bile le ‘moka oa bo-ralitaba ka sepheo sa ho tšetšetha qaka e amang baithuti ba Lerotholi Polytechnic ba balehetseng Afrika Boroa ho ea kopa botšabeli.
Baithuti ba khutlile likola li le ka mahlong Lekhotleng la Maipiletso ka la 3 Phato 2023, moo ba neng ba kopa hore mookameli oa Lekhotla la Maipiletso, Prof. Kananelo Mosito a nke nyeoe ea bona e potlakile moo ba tsekang hore Setsi sa Lihlapiso se ba fe lihlapiso tsa khoeli ea Phupu le Phato kaha ba kahara lihlahlobo tsa mapomelo.
Ka bomali-mabe, mabaka a bona ha a ka kholisa lekhotla. Mosito o ile a re nyeoe ea bona e tla mameloa tulong ea Lekhotla la Maipiletso ka Mphalane.
Hang kamora ho bolelloa hore nyeoe ea bona ha e ea potlaka, ba ile ba kena boitsekong; ba qetella ba senya le ho pshatla lebenkele la U-Save haufi le Memorial Hall, Maseru.
Mpotjoane o hlalositse hore boitseko bo ne bo se molaong. O re ho utloahetse hore baithuti ba bile le ‘mommori oa ho chesa moaho o bolokileng lipampiri tsa lihlahlobo le ho etsetsa baithuti ba batlang ho ngola litšoso. O teketse baqolotsi hore sepolesa se ile sa hlabeloa patsana ‘me sa potlaka ho qhala boitseko bo joalo.
Mpotjoane o thatisellelitse ka hore kaha sekolo se pela noka ea Mohokare, karolo e ‘ngoe ea baithuti e ile ea otla ka la pholokhoaba ea tšelela Afrika Boroa; ea tšela Mohokare. O re leha ho le joalo, bao ba ile ba tšoaroa ke masole a Afrika Boroa a a lisitseng leliboho ‘me a nehelana ka bona mapoleseng a Afrika Boroa.
“Ke moo moemeli oa baithuti a ileng a hokahana le lekala la heso la machabeng hore lekala le kene lipakeng hore ho fumaneloe baithuti bao thuso ea hore ba lokolloe, le hore ba khutlele kahare ho naha ea Lesotho.
“Ke bontše hore le ‘na ka kotloloho ke ile ka fumana mohala ho ea ileng a ipitsa molula-setulo oa mokhatlo oa baithuti – NUL SRC President. A re: ‘Bo-mphato oa ka ke bao ba matsohong a sesole kannete ntate minister re ba kopela thuso le mpe le buisane le bao ba Afrika Boroa ba mpe ba ba lokolle.’
“Ea tšoereng molepo e le Mongoli e Moholo oa lekala lena la heso e leng ntate Mokhera le moifo oa rona oa lekala esita le ba amehang, e leng sepolesa, ba ile ba ea moo lelibohong la Maseru ho ea thusetsa hore bao ba lokolloe.
“Baithuti ba ile ba ipolela ba na le letsoalo la hore ba tla tšoaroa le ho hlokofatsoa ke sepolesa sa Lesotho ha ba ka khutlela hae. Moemeli oa sepolesa ea neng a le moifong o romelletsoeng, o ile a ba tiisetsa hore ba lokolohile hore ba ka khutlela hae kaha moifo oa Lesotho o tlile moo hore ba il’o ba thusa hore ba tle hae.” Mpotjoane o rialo.
Leha ho le joalo, o otlollotse hore sepolesa se ile sa tsebisa baithuti hore lipatlisiso tsona li ntse li tsoela-pele kaha tlolo ea molao eona e etsahetse. O supa hore karolo e ‘ngoe e kaalo ka 38 ea baithuti e ile ea amohela thuso ea khutlela hae, ha e setseng e le e kaalo ka 24 eona e entse kopo ea botšabeli hona Afrika Boroa.
Mpotjoane o rapalalitse hore ba lefapha la Afrika Boroa la phallo (migration) ba ile ba totobatsa hore kaha baithuti ba re ba balehile ho hlokofatsoa, ba ba file tjako ea nakoana ‘me ba ke ke ba ba qobella ho khutlela Lesotho hofihlela ba netefaletsoa hore ba bolokehile.
“Maobane moifo oa heso o tsoang lekaleng la tsa machabeng esita le ba ntlong ea boemeli ba naha ea Lesotho hona moo Afrika Boroa sebakeng sa Welkom, ba ile ba ea moo Manyatseng Ladybrand ‘me ba kopana le bahlanka ba tsa boeti le tjako boemong ba porofinsi ea Foreistata.
Morero e ne e le ho buisana hape le baithuti hore ba khutlele hae le ho ba thusa ho tla hae. Baithuti ba ile ba beha lipehelo tse latelang;
Hore ‘muso oa Lesotho o itlame ka mongolo hore ba ke ke ba tšoaroa le ho hlokofatsoa. Ho be le poelano le ho hlakoloa hoa melato eohle e amanang le liketso tsa bona nakong ena. Sepolesa se tlosoe mapatlelong a sekolo sa Lerotholi Polytechnic
Ba lumelloe ho ngola lihlahlobo tsa bona ho se khato efe kapa efe e nkoang ea molao sekolo sa Lerotholi Polytechnic khahlanong le bona. Ba fuoe litsiane tsa bona tsa khoeli ea Phupu le khoeli ea Phato. ‘Muso o ba etsetse tokiso hore ba fumane tlhabollo.