πππ₯π¨π ππ πππππ’ππ’ ππ ππ’ππ‘π§πππ π§π’π‘π-πππ’ππ’
La 6 Ts’itoe 2023
Ka Leihlo la Basotho
Barui, bahlahisi le barekisi ba lihlahisoa tsa likhoho joaloka nama le mahe, ba re ba tlil’o ts’oara mohoanto oa popota ka la 8 Ts’itoe 2023, Maseru.Tseko ke hore ‘muso o bule maliboho hore lihlahisoa tsa likhoho li kene ho hlaha Afrika Boroa. ‘Muso oa Lesotho ka la 20 Mphalane 2023 o ile oa phatlalatsa ho koaloa hoa maliboho khahlanong le ho kena hoa likhoho ka lebaka la lefu la sefuba sa likhoho (Avian Influenza) le ileng la qhoma naheng eo.
Thibelo e amme bahoebi ba nama le mahe ka tsela eo khoebo ea bona e putlameng. Ho feta mona, mabenkele a rekisang nama ea likhoho joaloka Kentucky Fried Chicken le ‘ona esale a koaloa ka la 26 Mphalane 2023 naha ka bophara.
Mohoanto o tla thakhoha ka 11am Pitso-Ground, Maseru ebe lihoai li haroloha ka mokoloko ho leba Sefikeng sa Moshoeshoe I, moo lengolo la litletlebo le tla nehelanoa ho tona-kholo.