MATEKANE O TŠEPISA MASOLE MPHOHALI
La 16 Tlhakubele 2023
Mokhahlelo oa lebotho la sesole sa Lesotho o khutlileng Mozambique o tlalehoa ke molaoli ea neng a laola lebotho leo, Colonel Tefo Ramosiee a e-s’o fumane litsiane tsa ho sebetsa kantle ho naha moo a neng a il’o jela phate ho tjekana le marabele a hlokisang sechaba sa porofinsi ea Cabo Delgado botsitso.
Ramosiee o ile a beha sello sa hae maobane tšebeletsong ea ho amohela masole a khutlileng ntoeng semmuso ke tona-kholo Sam Matekane ea bileng a abela masole ao likhau motebong oa sesole, Makoanyane. Colonel Ramosiee o itse eena o hlotsoe ho thusa masole ho fumana meropotso ea bona, a re taba eo o e siea le molaoli oa sesole kaha bona ke masole mosebetsi oa bona ke ho ea pele ba loane. Masole a ile a romeloa Mozambique ka Phato 2021 ‘me a khutla ka Phuptjane 2022 kamora ho phomotsoa ke a mang a setseng a e hlanaka.
Ena ke puo ea Ramosiee: “Banna bana ba heso ba sebelitse lepatlelong la ntoa; ba entse tsohle ha ke belaele feela ke sitiloe ho ba hopolela hobane tse ling tsa li-principle tsa sesole ke hore masole ha ke a okametse ke loketse ho bona hore ba ba le li-benefits, ba ba le ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe, ba be le morale empa lehlakoreng leo ke feitse. General Sir, taba tsena re li siea matsohong a hau hoba rona re masole, re ea pele, re ntse re loana.
“Tabeng ena ea hore ke hlotsoe ho arabela litlhoko tsa banna bana ruri e le mathata. Motho o tloha Mozambique a khutlela mona Lesotho, ke e bua feela ha se patuoe. Motho a tle mona a lo batla mokitlane bankeng hore bana ba tsebe ho ea sekolong. A siee ntoa a le kahara mission oa mofuta oo?” Ramosiee o behile puo ea hae joalo.
Ho sa lejoalo, ha a teka puo šebeletsong e tšoanang, Matekane o file masole ao tšepo ka hore ba fumane ‘muso o fetileng o sa lefa masole ao litsiane tse neng li ba loketse. A re ba ntse ba sebetsa ka mekhahlelo kaha pejana ka Pherekhong ba fane ka litsiane ho masole a mang empa ha ba e-s’o qete ho ba fa tsona.
Matekane oa hlalosa: “E le ho ananela tšebetso eo masole a e entseng Mozambique, ‘muso o thakhotse boitlhopho ba ho phethahatsa e ‘ngoe ea lipehelo tsa baholo ba rona e reng ‘mohale oa hapisoa’. Re fihletse qeto eo lehoja mokotla oa ‘muso o le masoba empa rea tšepa le tla utloisisa ha re re ‘sejo senyane ha se fete molomo’.
“Kahona behang pelo sekotlolong hoba kamora nako e sa feliseng pelo ‘muso oa habo lona o tla folofela leraha ho phethahatsa tšepiso ena kaha e tlameha ho feta mekhahlelo e fapakaneng ea tsamaiso.
“Ke ile ka ea Mozambique ka etela masole ‘me a mpolella liqholotso tse a tobileng hape re fumane hore ho bile le liqholotso tsa meropotso ea lona e neng e le morao ‘me eo re fumaneng ho se ntse ho le joalo. Re lekile ho ba lokisetsa kea kholoa hofihlela khoeling ea pele ea selemo sena. Honajoale re ntse re lokisa hore na e khoeli e fetileng le ena re li koala joang.
“Leha ho le joalo, ka thoko ho tseo tse ba amang ke le hlooho ea puso le baheso ba tšoereng puso le ‘na, re ipuile hore na re tlo bona hore na e le ho leboha le ho ananela boitelo ba banna ba bo-rona re tla bona hore na ho etsahala joang, re tla bona hore na khoeli ena ea bone kapa ea bohlano re tla ba leboha joang empa nke ke ka bolela hore na re tlo ba leboha ka Maloti a makae. Khoeli ea bone kapa ea bohlano e se ka ba ea fela litšepiso tsena li e-s’o phethahale. Litšepiso tsena ha se tseo ba li etselitsoeng kapa boitlamo boo ba bo etselitsoeng ke ‘muso kapa SADC.” O fera puo joalo Matekane.