MACHESETSA O PHAHAMISA LITSIETSI TSE TOBILENG BASOTHO
Ka ‘Matlhohonolofatso Lebesa
La 30 Pulungoana 2023
Moetapele oa Mokha oa Sechaba sa Basotho (Basotho National Party – BNP) Machesetsa Mofomobe o bile le ‘moka oa bo-ralitaba bekeng ena ho teka litsietsi tse tobileng Basotho kahara naha le ba sebetsang Afrika Boroa.
Taba-kholo eo Mofomobe a llang ka eona ke tlhokahalo ea libukana tsa ho eta tseo a reng ‘muso o hloloa ho li etsetsa Basotho leha ba lefile lichelete tse boima.
O re ho totobetse hore ‘muso o kene boqhekanyetsing kaha sechaba se lefa chelete ea ho fumana libukana tse potlakileng empa se li fumana kamora nako e telele kapa ho se li fumane hohang.
A tsoela-pele ho supa hore o ile a hlokomelisa paramente hore ho na le tlokotsi ea tlhokahalo ea libukana tsa ho eta. O re o entse seo a ipapisitse le molao oa tsamaiso ea paramente oa 29 (Standing order No. 29) o lumellang hore ha taba e potlakileng ebile e le ea bohlokoa e amang sechaba, ho emisoe tšebetso ea paramente ea letsatsi ho fetisoe taba eo.
Empa leha ho le joalo, o itse Motsamaisi oa Lipuisano Ntlong ea Bakhethoa, Tlohang Sekhamane o ile a supa taba eo ea liphasepoto e sa potlaka, eaba o hana hore e tšetšethoe ke ntlo.
“Ha ho le tjena, ke ile ka atamela makhotla ka kopa babuelli ba molao ba BNP ho nthusa ho qosa. Nyeoe re ile ra e kopanela le monghali Lillo Shale kaha ke e mong oa Basotho ba tobaneng le ho felloa ke mosebetsi hoba pasa ea hae e felletsoe ke nako.” O rialo.
Leha ho le joalo, a toboketsa hore se mo makalitseng ke hore ka letsatsi le hlahlamang Lekala la Lehae ha le qeta ho fumana lisamane tsa lekhotla ba ile ba fumana Shale a se a etselitsoe pasa!
A re sena lekala le se entse ho senya nyeoe ea bona. O ipilelitse ho Basotho bohle ba tobaneng le bothata ba lipasa ho mo atamela e le hore ba tle ba fumane thuso.
“Ho na le ngoana ea khoeli li ‘ne ea tlamehang ho isoa sepetlele Afrika Boroa joale ‘m’ae o hloloa ho mo isa ngakeng. Lebaka ke ho hloka pasa leha a patetse chelete e fetang M600 hore a fumantšoe pasa ka potlako.” O rialo a bile a bontša hore ho boetse ho na le moroetsana oa Mosotho ea sitiloeng ho ea sekolong Afrika Boroa ka lebaka la ho hloka pasa.
Ho sa le joalo, e mong oa Basotho ba amehileng ke ho hloka pasa, monghali Mohau Toloane o mekelitse ka hore esale a lefella pasa ka Hlakola empa le kajeno ha ho nko ho tsoa lemina ‘me o se a bile a lahlehetsoe ke mosebetsi.
Mohlomphehi Mofomobe o tsoela-pele. “Ha re sebetsa litaba tsa sechaba ha re shebe ‘mala oa polotiki, kaha taba ena ea libukana e ama Basotho bohle.”
Ho feta mona, Mofomobe o boetse a teka tsietsi e kholo e tobileng Basotho ea polomiti e lumellang Basotho ho sebetsa Afrika Boroa (Exemption Permit). O re polomiti ena e tlil’o fela mafelong a khoeli. Mofomobe o hlokomelisitse Basotho hore bothata ba polomiti bo tlo ama Basotho ba likete-kete.
O hlalosa hore Afrika Boroa ha e batle ho nchafaletsa baahi ba Zimbabwe ba sebetsang moo tokomane e joalo leha mekhatlo e ikemetseng e hlotse nyeoe ea nakoana hore ho se be joalo.
“Ha ho mokhoa oo Lesotho le ka sallang morao ha matsoalloa a Zimbabwe a le tsuong e tšoanang. Sena se tlo tlama Basotho ho khutlela hae kapa ho lula kahara naha eo ka thoko ho molao.” Ho hlalosa Mofomobe.
A re e le tharollo ‘muso oa Lesotho o ka ikeletsa ho khahlametsa bao ka hore ba lefe M130 e leng chelete ea pasa e tloahelehileng e seng e potlakileng kaha e tlo imela Basotho ha ba boela ba lefa ho feta M1000 ea exemption permit.
Ka lehlakoreng le leng, Mofomobe o supile hore ho bile le tlaleho ea ho qhoma hoa sefuba sa likhoho naheng ea Afrika Boroa. A re sena se ile sa qobella ’muso oa Lesotho ho thibela ho kena hoa lihlahisoa tsa khoho kahar’a naha.
O re le mona o ile a etsa boithuto a kopana le ba amehileng ke bothata bona. “Ke boetse ka ngolla motsamaisi oa lipuisano ntlong ea bakhethoa ke batla hore taba ena e tšetšethoe ka paramenteng empa motsamaisi a re taba ena ha e ea tata joaloaka ea libukana tsa ho eta.” O bua ka ho khathala matla.
A re boima ke hore khoebo ea lihlahisoa tsa likhoho ke eo batho ba ileng phomolong ba leng eona ka sekhahla ho iphelisa.
“Esale puso e koalla lihlahisoa tsa likhoho ho kena kahara naha ho tloha ka la 12 Mphalane, empa Afrika Boroa moo lefu le qhommeng ba ntse ba itsoella-pele ho rekisa nama ea khoho hohle mabenkeleng.” Ho rialo Mofomobe.
A thatiselletsa ka hore tona-kholo ea Lesotho e sebetsa ho latela lithahasello tsa eona moo a tekileng hore ho’a fosahala hore tona-kholo e khoebong ea merafo ea litaemane. A re molao oa Lesotho oa Lirafshoa (Mines and Minerals Act 2005) oo tonakholo e ileng ea una molemo ho oona o re moo bokhoni bo leng teng monyetla o fuoe ngoana Mosotho. O re empa hajoale ha e tlameha ebe ho fuoa monyetla Basotho ba bang ho sebetsa merafong, ho bonahala a fa melata mosebetsi.
“U se ke oa imakatsa ha u siile phokojoe le linku tsa hau eaba oa makala ha li le sieo.” Ho rialo Mofomobe a hlalosa hore tona-kholo Matekane o isa naha moholokohlong.
“Letšeng le kolota Lesotho M7bilone ho ea ho M8 bilone kaha ba ile ba ekeletsoa konteraka ba sa patala litšoanelo tsa bona leha molao oa Lesotho o re ho se be le morafi ea ka nchafaletsoang konteraka ho feta lilemo tse 20. O re hajoale konteraka e selemong sa 25 moo keketso ena e neng e tlameha ho fela selemong se tlang ka khoeli ea boraro.
“Litaba tsena ke tlo li isa makhotleng ekasitana le ho etsa kopo ea hore konteraka ea Letšeng e hlahlojoe ke makhotla.” Ke eena a tšosa ka ho qosa.
Ha a fera litaba tsa hae, o itse sena o tlil’o se etsa ho susumetsa hore ho hlomphuoe molao mabapi le boiketo ba mesebetsi e moholo merafong hore e fuoe Basotho e seng melata.