‘MUSO O THIBELA HO KENA HOA LIKHOHO MALIBOHONG
Ka ‘Matlhohonolofatso Lebesa
La 20 Mphalane 2023
Dr. Keneuoe Lehloenya oa Lefapha la Ntlafatso le Bophekoli ba Liphoofolo Lekaleng la Temo, o netefalitse kajeno ‘mokeng oa baphatlalatsi hore naha ea Lesotho e thibetse ho kena hoa likhoho malibohong kamora ho qhoma hoa lefu la sefuba sa likhoho (Avian Influenza) naheng ea Afrika Boroa.
Dr. Lehloenya o itse kotsi ea lefu lena ke hore lea tšoaetsana; le ka tloha ho likhoho la ea bathong hammoho le linonyaneng tse hlaha. A re lefu lena le ka bolaea batho.
“Afrika Boroa e bonahala e le naha e ratoang ke mafu a mangata haholo ‘me hajoale ho qhomme sefuba sa likhoho se bitsoang Avian Influenza.
“Ha se khale ha ho qhoma lefu la Litlhako le Molomo (Foot and Mouth Disease – FMD) hona Afrika Boroa ‘me le ama thekiso ea boea. Ha lefu leo le qhomme Afrika Boroa re sitoa ho rekisa boea ba rona Afrika Boroa.
“Lefu la sefuba sa bo-‘malitšibana le re behile tlokotsing kaha lihlahisoa tsa likhoho tseo re li sebelisang re li reka Afrika Boroa.” Ho rialo Dr. Lehloenya.
A Supa hore kaha Basotho ba bangata ba iphelisa ka ho rua le ho rekisa likhoho tsa mahe le nama, Basotho ba bangata ba tlo ameha haholo ke thibelo ena.
A tsoela-pele hore boithutong ba bona, ba sibollotse hore lefu lena le ntse le le teng Afrika Boroa. O itse ho tloha ka Loetse le Mphalane ho bonahetse sefuba se qhoma le libakeng tse neng li sa lebelloa, tseo ho luloang ho etsoa litlhahlobo ho thibela mafu.
“Ho bonahala Afrika Boroa e hloloa ho laola lefu lena ebile le pharalletse le litikoloho tse ling tsa eona. Rona re le naha ea Lesotho re phatlalatsa hore likhoho le mahe ha li na ho kena kahara naha hofihlela nako e tla boleloa.” Dr Lehloenya o phatlalatsa joalo.
O thatisellelitse ka ho toboketsa hore mosebetsing oa bona oa bongaka ha ba patelane letho ‘me ha naha e ‘ngoe e ka ba le lefu le ka amang linaha tse ling, e tlameha ho etsa phatlalatso.
O tekile hore ha Afrika Boroa e lemoha ho qhoma hoa lefu e ile ea tsebisa linaha tse ling. O re Afrika Boroa e ile ea kopa linaha tsa hloahloa e ka boroa ho Afrika hore li kopane kaha ba ne ba fihletse ho li enta.
“Ha ho entoa ho bolela hore kokoana-hloko (virus) eo e kenngoa liphoofolong. Lefu lena la likhoho le ea tšoaetsana; le ka tšoaetsa linonyana kapa batho ‘me le kotsi kaha le ka bolaea batho.” O fana ka temoso.
A hlalosa hore naha ea Lesotho e liehile ho nka qeto ea ho koala maliboho ka lebaka la ho tšaba hore sechaba se iphelisang ka likhoho se tla ba tlokotsing empa ka lebaka la ho tšaba ho baka kotsi e fetang, ba entse qeto ea ho koalla likhoho maliboho.
O kobelletse litaba tsa hae ka hore ba ntse ba fumana litlaleho tsa khatelo-pele ka lefu lena ho hlaha ho bo-mphato oa bona ekasitana le hore lingaka tsa bona li ntse li etsa matsapa a ho bona hore naha ea Lesotho e tla fumana likhoho hokae ka litjeo tse bobebe.